Kopanela ka Pelo Eohle Tšebeletsong ea Tšimo
Karolo 3: Kenya Letsoho Khatelo-peleng ea ba Bang
1 Hangata kamano eo moena ea hōlileng Pauluse a neng a e-na le eona le mohlankana ea inehetseng Timothea e ’nile ea qotsoa e le mohlala o motle oa ho koetlisa ba bang tšebeletsong. (1 Ba-Kor. 4:17) Pauluse o ile a laela Timothea hore a fe ba bang tsebo le koetliso eo a e fumaneng. (2 Tim. 2:1, 2) Re tla be re etsa hantle ha re latela mokhoa o tšoanang ka phuthehong kajeno.
2 Koetlisa ba Bang: Ha re hlokomela hore kajeno Afrika Boroa ho na le bahoeletsi ba eketsehileng ba ka bang 8000 ho feta ba neng ba le teng lilemong tse tharo tse fetileng, sena se etsa hore ho hlake hore ho na le tlhokahalo ea ho koetlisa ba bang. Mohlomong ba bangata ho bona ba ka ruisoa molemo ke koetliso eo bahoeletsi ba nang le phihlelo ba ka ba fang eona. Khaitseli e mong eo hangata a neng a sebetsa hora e le ’ngoe kapa tse peli feela ka khoeli tšebeletsong ea tšimo, o ile a ithuta ho bua ka katleho malapeng a batho ha a thusoa ke mohoeletsi ea nang le phihlelo. Ho tsila-tsila hoo a neng a e-na le hona pele mabapi le ho kopanela tšebeletsong ho ile ha fela, ’me o ile a fetoha mohoeletsi ea chesehang oa litaba tse molemo. Hona joale ke mohoeletsi ea atlehang, ’me ha a hetla morao o re: “Ke ne ke mpa ke hloka feela ho rutoa seo ke lokelang ho se bua, joale ke ile ka qala ho thabela tšebeletso.”
3 Haeba u moholo, mohlanka ea sebeletsang, pula-maliboho, kapa mohoeletsi ea nang le phihlelo, u ka kenya letsoho joang khatelo-peleng ea ba bang? Bohato ba pele ke ho bolella mokhanni oa Thuto ea Buka ea Phutheho hore u rata ho thusa mohoeletsi ea itseng.
4 E-ba ea Hlophisehileng le ea Itokise- litseng: Ho etsa tokisetso e tsitsitseng ea ho sebetsa hammoho ho ka thusa. Mohlomong qalong motho eo u sebetsang le eena o tšohile ’me ha aa itšepe, empa o tla utloisisa hore ho na le motho ea sebetsang le eena ea tla mo thusa ha ho hlokahala. (Moek. 4:9) Haeba ho khoneha, khetha tšimo eo mohlomong le ka fumanang batho ba ikemiselitseng ho bua ka litaba tsa Bibele. Sena se tla thusa motho e mocha ’neteng hore a kopanele puisanong ’me a be le kholiseho.
5 Bakeng sa ho ntšetsa pele koetliso mohato ka mohato, ho ka ba molemo ho buisana ka hore na leeto la ho boela le ka etsoa joang ho motho ea bontšitseng thahasello. Sena se akarelletsa ho rala motheo ketelong ea pele ka ho siela mong’a ntlo potso eo u tla e arabela ha u khutlela ho eena. Kholiseha hore u thusa mohoeletsi ea nang le phihlelo e fokolang hore a lokisetse, ebe joale u ea le eena ho motho eo. Haeba thuto e qalisitsoe ’me mohoeletsi e mocha ’neteng a ntse a batla a sa itšepe, mohoeletsi ea nang le phihlelo e khōloanyane a ka ’na a lakatsa ho khanna thuto eo ka makhetlo a ’maloa ho fihlela ha mohoeletsi e mocha ’neteng a tšoaneleha bakeng sa ho e khanna.
6 Ka baka la batho ba bacha ba ntseng ba phallela ka potlako ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng, ho hlakile hore ho hlokahala ho fanoe ka thuto e pharalletseng tšebeletsong ea tšimo. Ho hlokahala hore ba hlaoletseng tsebo mosebetsing oa boboleli ba fane ka thuso. Haeba u ka thusa motho e mong, le eena ka mor’a nako o tla ‘tšoaneleha ka ho lekaneng bakeng sa ho ruta ba bang.’—2 Tim. 2:2, NW.