Liboka Tsa Tšebeletso Tsa September
TLHOKOMELISO: Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla ba le kemiso ea Seboka sa Tšebeletso bakeng sa beke e ’ngoe le e ’ngoe likhoeling tsa kopano. Liphutheho li ka etsa liphetoho tse hlokahalang bakeng sa ho fana ka nako ea ho ba teng kopanong ea setereke ’me ka mor’a eona ho ka sebelisoa metsotso e 30 bakeng sa ho ikhopotsa lintlha tsa sehlooho tsa lenaneo la kopano Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e latelang. Baena ba babeli kapa ba bararo ba tšoanelehang ba ka abeloa esale pele tlhahlobo ea letsatsi ka leng e le hore ba lebise tlhokomelo e khethehileng lintlheng tse khōlō tsa letsatsi leo. Tlhahlobo ena e lokiselitsoeng hantle e tla thusa baena ho hopola lintlha tse khōlō tseo ba ka li sebelisang bophelong ba bona le ho li sebelisa tšimong. Litlhaloso tse tsoang ho bamameli le liphihlelo tse fanoang li lokela ho ba khutšoanyane ’me e be tse tobileng.
Beke e Qalang ka September 2
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Totobatsa lintlha tse thahasellisang tse tsoang litokollong tsa morao-rao tsa limakasine.
20 mets: “Ho Nehelana ka Litaba tse Molemo—Ho Qalisa Lithuto ka Katamelo e Tobileng.” Se akaretsoe ka lipotso le likarabo. Ka mor’a ho buisana ka lirapa 3 le 4, etsa pontšo ea katamelo e tobileng ho sebelisoa buka ea Phela ka ho sa Feleng le pampitšana ea Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso. Ho sebelisa katamelo e tobileng ho tla u thusa ho hlokomela hore na mong’a ntlo o thahasella ho isa bohōleng bofe. Hatisa tlhokahalo ea ho khutlela ho bohle ba bontšitseng thahasello ebang ho siiloe lingoliloeng qalong kapa ha lia siuoa. Khothalletsa bohle ho leka ho qalisa lithuto tsa Bibele ba sebelisa katamelo e tobileng tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana.
15 mets: Lebokose la Lipotso, “Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e Hlaha ka Sebōpeho se Secha,” le Litaba tsa Puso ea Molimo. Fana ka tlaleho ea khatelo-pele e entsoeng ha ho sebetsoa tšimo e sa abuoang ’me u bolele litokisetso tsa nako e tlang bakeng sa ho sebetsa tšimo. Khothalletsa bohle ho tšehetsa phutuho ena ka botlalo. Ba khothalletse ho kopanela tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana.
Pina 157 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka September 9
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba lintlha tse leng limakasineng tse ka sebelisoang tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana. Ha nako e lumela etsa pontšo ka nehelano e le ’ngoe kapa tse peli.
20 mets: Ipehele Lipakane tsa Botho Bakeng sa Selemo se Secha sa Tšebeletso. Molebeli oa tšebeletso o hlahloba mosebetsi oa phutheho oa selemo se fetileng sa tšebeletso. Ba babatse moo ho bonahalang ba ntlafalitse teng. Bolela likarolo tse hlokang ho hlokomeloa ka ho eketsehileng sebakeng sa lōna selemong se secha sa tšebeletso, ’me u fane ka litlhahiso tse sebetsang. Ho ’nile ha etsoa eng ho thusa barutuoa ba bacha ho fetoha bahoeletsi ba ka mehla? Hlahloba lengolo la Mokhatlo la June 10, 1991, le neng le ea ho lihlopha tsa baholo ’me u hatise hore ho felisoe ho se tsoe ka mehla. Hopola, pakane ea rōna bakeng sa tšimo eohle e tla ’ne e be hore mohoeletsi e mong le e mong a tsoe ka mehla tšebeletsong khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, le ho thusa barutuoa ba bacha ba tšoanelehang bakeng sa ho kenela tšebeletso. Sebelisa Index ho fumana boitsebiso bo buang ka tlhokahalo ea ho sebelisa keletso e fanoang le kamoo e ka sebelisoang ka teng. Ba mamellang tšebeletsong e tšepahalang ba khothatsa ba bang. (Ba-Heb. 6:10) Buisana le bahoeletsi ba babeli kapa bo-pula-maliboho ba entseng khatelo-pele e ntle selemong se fetileng sa tšebeletso. Ba ipehetse lipakane life bakeng sa 1992? Hape, buisana le mohoeletsi kapa pula-maliboho ea sebelelitseng ka botšepehi ka lilemo tse ngata, ’me a hlalose mathata ao a talimaneng le ’ona le kamoo Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ba mo thusitseng ho a hlōla. Khothalletsa bohle ho ipehela lipakane tse loketseng bakeng sa ho ntlafatsa tšebeletso ea bona selemong sa tšebeletso sa 1992.
15 mets: “Ho Phethahatsa Boikarabelo ba Rōna ba ho Etsetsa ba Bang se Molemo.” Se nehelanoe ka lipotso le likarabo. Ha le buisana ka serapa 4, etsa pontšo ea kamoo moholo Holong ea ’Muso a ka babatsang mohoeletsi ea itseng ka mohlala oa hae oa botšepehi ho theosa le lilemo. U ka botsa hore na ke eng se ka etsoang bakeng sa ho thusa. Leha ho le joalo, ho lokela ho hatisoe taba ea ho fana ka pabatso.
Pina 94 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka September 16
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le tlaleho ea lichelete. Bala liteboho tsa Mokhatlo bakeng sa monehelo ’me u bontše kananelo ho bahoeletsi ka ho tšehetsa mesebetsi ea Mokhatlo ka lichelete hammoho le mesebetsi ea phutheho.
20 mets: “Tokisetso ea Thuto ea Buka ea Phutheho—Karolo 3.” Bakhanni ba babeli ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba buisana ka boitsebiso bona, ’me ba etsa hore bo tšoanele phutheho. Hatisang melemo eo bahoeletsi ba e ruang ha ba sebelisana ’moho le litokisetso tsa tšebeletso. Bolelang tlhokahalo ea ho bontša tlhompho bakeng sa matlo a sebelisoang bakeng sa liboka tsa tšebeletso ea tšimo, ’me le babatse ba bontšang moea oa ho amohela baeti ka ho lumela hore matlo a bona a sebelisoe. (kmSU 3/86 leq. 3) Kaha nako le nako ho hlokahala libaka tse ling, mang le mang ea ka lumelang hore ntlo ea hae e sebelisoe a ka tsebisa molebeli ea okamelang kapa molebeli oa tšebeletso. Hokahanyang le lintlha tsa puisano ea bekeng e fetileng e neng e bua ka ho ipehela lipakane tsa tšebeletso. Molebeli oa tšebeletso a ka thusa bahoeletsi le ho ba khothalletsa ho hahamalla lipakane tsa tšebeletso.
15 mets: “Bacha—Na le Tla Feta Teko ea Botšepehi ba Bokreste ka Katleho?” Puo e thehiloeng sehloohong sa Molula-Qhooa oa June 15, 1991. Hatisa booatla ba ho phela bophelo bo habeli.
Pina 171 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka September 23
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Totobatsa ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse tsoang limakasineng tsa morao-rao. Khothalletsa bahoeletsi ho kopanela tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana.
20 mets: “Kopanela ka Pelo Eohle Tšebeletsong ea Tšimo—Karolo 3.” Puisano ka lipotso le likarabo. Serapeng 4, e re mohoeletsi ea nang le phihlelo a etse pontšo ea kamoo ho ka thusoang motho e mocha ’neteng ha ba le tšebeletsong. Etsa pontšo eo ho eona motho e mocha ’neteng a sebelisang litlhahiso tsa mohoeletsi ea nang le phihlelo ho hlōla likhanyetso tsa sebele lenaneong la ho ikoetlisa.
15 mets: Mongoli o hlahloba hammoho le phutheho litaelo tse leng foromong e ntlafalitsoeng ea Tsela ea ho Sebetsa Lipeeletso ka Tšoanelo (S-AB-11) e rometsoeng ho liphutheho tsohle. Pele u fana ka puo ena kholiseha hore litaelo tsena li manehiloe lematjaneng la boitsebiso. Totobatsa lintlha tse loketseng tse tsoang lengolong la Mokhatlo la May 15, 1991, haholo-holo u hatise bohlokoa ba ho tlatsa maqetšoana a lipeeletso ka mokhoa o hlakileng le ho sebetsana ka potlako le maqetšoana a Ho Latelloa ha Peeletso e ke Keng ea Isuoa (M-210). Hatisa tlhokahalo ea ho romela lipeeletso Mokhatlong beke le beke, le haeba ho fumanoe peeletso e le ’ngoe feela.
Pina 70 le thapelo e koalang.