Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho ba Mothusi ea Molemo
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?: Jesu o ile a bona bohlokoa ba ho sebetsa le motho e mong tšimong. Kahoo o ile a romela barutuoa ba hae ba 70 ka bobeli hore ba mo etelle pele ha ba ea mosebetsing oa boboleli. (Luka 10:1) Motho eo u sebetsang tšimo le eena a ka u thusa haeba u thulana le boemo bo thata kapa u sa tsebe hore na u arabe mong’a ntlo joang. (Moek. 4:9, 10) Ka linako tse ling a ka u bolella hore na eena u ee a etse’ng boemong bo joalo kapa a etse tlhahiso e ka u thusang hore u be ’moleli ea atlehang. (Liprov. 27:17) A ka boela a u bolella litaba tse khothatsang ha le ntse le sebetsa tšimo.—Bafil. 4:8.
U ka Leka Sena Khoeling Ena:
Ka mor’a ho sebetsa le mora kapa morali oabo rōna, mo bolelle hore na o entse’ng e u thusitseng.