Tsela e Nepahetseng ea ho Thusa Mohoeletsi ea Buang le Mong’a Ntlo
1. Ho sebetsa le mohoeletsi e mong tšimong ho na le melemo efe?
1 Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a romela barutuoa ba 70 ho ea bolela litaba tse molemo ’me “a ba romela ka bobeli.” (Luka 10:1) Ha ho pelaelo hore barutuoa ba ile ba fumana monyetla oa ho thusana le ho khothatsana ha ba ntse ba bolela. Re ka thusa mohoeletsi eo re tsamaeang le eena tšimong joang?
2. Ha mohoeletsi eo re tsamaeang le eena a bua le mong’a ntlo, ke hobane’ng ha re lokela ho mamela hona re ka etsa see joang?
2 Ka ho Mamela: Mamela ka hloko ha mohoeletsi eo u tsamaeang le eena a bua le mong’a ntlo. (Jak. 1:19) Haeba a bala lengolo, le uena phetla Bibele ea hao. Ha mohoeletsi kapa mong’a ntlo a bua, mo mamelisise. Ha u mamela ka hloko, seo se ka susumelletsa mong’a ntlo hore le eena a mamele ka hloko.
3. Mohoeletsi eo re tsamaeang le eena a ka thabela hore re kenelle neng moqoqong?
3 Ka ho Lemoha Nako ea ho Bua: Ha mohoeletsi e mong a bua tšimong, re bontša hore rea mo hlompha ha re mo fa monyetla oa hore a buisane le motho ka bolokolohi. (Bar. 12:10) Ha rea lokela ho mo kena hanong. Ha mohoeletsi a hakoa kapa mong’a ntlo a hanyetsa kapa a botsa potso ’me a kōpa hore re mo thuse, re leka ho thasiselletsa ho seo a se buileng ho e-na le ho qala taba e ncha. (Liprov. 16:23; Moek. 3:1, 7) Haeba re bua, re lokela ho tlatsetsa bopaking bo fanoeng.—1 Bakor. 14:8.
4. Ke eng e tla etsa hore re thabe re be re atlehe tšebeletsong ea rōna?
4 Ha barutuoa ba 70 ba qeta ho bolela, ba ile “ba khutla ka thabo.” (Luka 10:17) Le rōna re tla thaba re be re atlehe tšebeletsong haeba re mamela ’me re lemoha nako eo re lokelang ho bua ka eona e le hore re thuse bao re tsamaeang le bona tšimong.