Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/08 leq. 1
  • Ho Hahana ha re le Tšimong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hahana ha re le Tšimong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela e Nepahetseng ea ho Thusa Mohoeletsi ea Buang le Mong’a Ntlo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Kamoo re ka Khothatsang Bao re Sebetsang le Bona Tšimong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Lula U Chesehela Tšebeletso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Thusa ba Bang ho ba Hloahloa ha ba Sebelisa Lentsoe la Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 3/08 leq. 1

Ho Hahana ha re le Tšimong

1 Kaofela ha rōna re thabela ho fumana “lentsoe [la khothatso] le builoeng ka nako e nepahetseng.” (Liprov. 25:11) Ha re sebetsa le ba bang tšimong, re ka tiisa joang hore moqoqo oa rōna oa haha?

2 Moqoqo o Hahang: Ruri hoa khothatsa ha re bua ka litaba tsa moea ha re le tšimong. (Pes. 37:30) Re ka buisana ka linehelano tsa rōna kapa ra phetelana liphihlelo tse khothatsang tsa tšebeletso ea tšimo tseo re sa tsoa ba le tsona. (Lik. 15:3) Na re fumane ntlha e thahasellisang ’malong oa rōna oa Bibele, limakasineng tsa morao-rao, kapa sebokeng sa phutheho? Re ka buisana ka lintlha tsa puo ea phatlalatsa eo re sa tsoa e utloa Holong ea ’Muso.

3 Re ka ’na ra ikutloa re nyahame ha re sitoa ho araba mong’a ntlo ha a hanyetsa seo re se buang. Ho molemo haholo hore ha re tloha ntlong eo re buisane ka metsotso e seng mekae le mohoeletsi eo re tsamaeang le eena ka hore na re ka sebetsana le khanyetso eo joang nakong e tlang, mohlomong ka ho hlahloba buka ea Ho Bea Mabaka. Hape, haeba ho e-na le seo re se ratileng tseleng eo mohoeletsi eo re tsamaeang le eena a buileng ka eona tšimong, ho mo babatsa ho tsoa pelong ho ka mo khothatsa.

4 Nka Bohato: Na ho na le ba bang sehlopheng sa rōna sa thuto ea buka bao re qetetseng khale ho sebetsa le bona? Ha re ba kōpa hore ba tsamaee le rōna tšimong re ka “khothatsana.” (Bar. 1:12) Bo-pula-maliboho ba kamehla le ba thusang baa ananela ha ba bang ba sebetsa le bona, haholo-holo hoseng-seng kapa mantsiboea, ha bahoeletsi ba eang tšimong e le ba seng bakae. Re ka tšehetsa bo-pula-maliboho ka ho tsamaea le bona tšimong. Na ho na le mohoeletsi eo bokuli bo etsang hore a qete nako e fokolang tšimong? Mohlomong ho ka ba molemo ho lokisetsa hore a tsamaee le rōna ha re ea thutong ea Bibele.—Liprov. 27:17.

5 Kamehla ho babatsa motho le ho mo leboha hoa mo khothatsa, esita le linthong tse nyenyane. Re lokela ho nahana ka seo ha re tsamaea le ba bang tšimong, kaha re batla hore re ‘’ne re hahane.’—1 Bathes. 5:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela