Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 10 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa March 1 le Tsoha! ea March hammoho le sememo sa Sehopotso.
20 mets: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ea Libokeng? Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa May 15, 2007, leqepheng la 11-13. Kōpa bamameli hore ba bolele kamoo ho ba teng libokeng ho ba ruisitseng molemo le kamoo ba hlōtseng mathata kateng e le hore ba kopanele kamehla.
15 mets: “Ho na le Seo re ka se Fang Jehova.”a Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba buelle mangolo a bontšitsoeng.
Beke e Qalang ka la 17 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bamameli hore ba tle le Molula-Qhooa oa April 1 le Tsoha! ea April Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e tlang le hore ba itokisetse ho tšohla linehelano tse loketseng tšimo ea phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.
15 mets: Lebokose la Lipotso. E fanoe ke moholo. Bala sehlooho sohle u be u se tšohle.
20 mets: “Ke Joang re ka Thusang ba Bileng Teng Sehopotsong?”b Ha u tšohla serapa sa 5, lokisetsa hore ho be le pontšo e khutšoanyane ea kamoo thuto ea Bibele e ka qalisoang le moeti ea bileng teng Sehopotsong.
Beke e Qalang ka la 24 March
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe.
10 mets: Itokisetse ho Tsamaisa Limakasine Tsa Morao-rao. Puisano le bamameli. Ka mor’a ho hlalosa makasine ea Molula-Qhooa oa April 1 le Tsoha! ea April hakhutšoanyane, botsa bamameli hore na ke lihlooho life tse ka khahlang batho tšimong hona hobane’ng. Kōpa bamameli hore ba bolele lintlha tse tobileng tseo ba rerang ho li buella lihloohong tseo. Ho ka botsoa potso efe ho qalisa moqoqo? Ka mor’a moo ho ka baloa lengolo lefe le hlahang sehloohong seo? Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka buelloang Molula-Qhooa oa April 1 le Tsoha! ea April ho sebelisoa litlhahiso tse loketseng tšimo ea phutheho.
30 mets: “Na U ka Thusa?” Puo e khothatsang eo ho eona ho buisanoang le bamameli mona le mane ka lipotso tse lokiselitsoeng serapeng sa 13 le sa 18-24. Khothalletsa batsoali ho thusa bana ba bona hore ba nahane ka ho kenela tšebeletso ea Bethele e le mosebetsi oa bophelo bohle. Khothalletsa hore malapa a ithute kenyelletso ena hammoho thutong ea lelapa.
Beke e Qalang ka la 31 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa March.
20 mets: Sebelisa Buka ea Selemo ea 2008 Hamolemo. Puo le puisano le bamameli. Tšohla “Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang,” leqepheng la 3-5. Kōpa hore bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo har’a bamameli ba phete phihlelo e Bukeng ea Selemo e ba khothalitseng ka tsela e khethehileng. Lokisetsa esale pele hore mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba bolele kamoo ba etsang kemiso ea ho bala Buka ea Selemo kateng. Phetha ka ho khothalletsa bohle ho bala buka ena kaofela.
15 mets: “Ho Hahana ha re le Tšimong”c
Beke e Qalang ka la 7 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
20 mets: Ke Hobane’ng ha U Lieha ho Kolobetsoa? Puo e fanoang ke moholo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa July 1, 2006, leqepheng la 29-30, serapeng sa 14-17. Kopanyelletsa le puisano e khutšoanyane le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba kolobelitsoeng ba le lilemo li ka tlaase ho 20. Ba ile ba susumelletsoa ke’ng hore ba nke bohato boo ba bohlokoa ba sa le banyenyane? Kolobetso ea bona e ba thusitse joang hore ba hōle moeeng, e leng se ba sireletsang?
15 mets: Na U Kile Ua Leka Katamelo e Tobileng? Puo le puisano le bamameli e thehiloeng kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002 leqepheng la 6. Tšohla linehelano tse fanoeng e le mohlala le kamoo li ka fetoloang kateng e le hore ho ka qalisoa thuto ea Bibele ka buka ea Seo Bibele e se Rutang. Ebe u lokisetsa hore ho be le pontšo e le ’ngoe kapa tse peli. Khothalletsa bamameli hore bekeng e latelang bonyane ba leke ka lekhetlo le le leng ho qalisa thuto ea Bibele ka buka ea Seo Bibele e se Rutang ba sebelisa katamelo e tobileng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.