Kamoo re ka Khothatsang Bao re Sebetsang le Bona Tšimong
1. Re ka etsisa moapostola Pauluse joang ha re sebetsa le ba bang tšimong?
1 Moapostola Pauluse o ne a nka nako eo a e qetang le balumeli-’moho le eena, e le nako ea “ho khothatsana.” (Bar. 1:12) Ha u sebetsa le mohoeletsi e mong tšimong na u sebelisa nako eo ho mo khothatsa le ho mo thusa? Ho e-na le hore u thole feela, mohlomong u ka mo bolella ntho e entseng hore u be mohoeletsi ea atlehang.
2. Ke eng eo re ka e etsang ho thusa motho eo re tsamaeang le eena hore a itšepe, hona ke hobane’ng ha e le ntho ea bohlokoa?
2 Ba Thuse Hore ba Itšepe: Bahoeletsi ba bang baa ikhalala, sena se ka ’na sa bonahala lifahlehong tsa bona le tseleng eo ba buang ka eona. Re ka etsa hore ba itšepe haholoanyane ha re ba babatsa ho tsoa pelong. Litsela tse ling tseo re ka ba thusang hore ba itšepe ka tsona ke life? Molebeli e mong oa potoloho o re o ee a bolelle motho eo a tsamaeang le eena lintho tse etsang hore a tšohe le hore o rapela khafetsa hore a hlōle maikutlo a joalo. Mor’abo rōna e mong o re o hlokometse se latelang mabapi le ho itšepa: “O lokela ho qala ka ho bososela. Ka linako tse ling ho bososela feela ho hloka thapelo.” Na ho na le ntho e itseng e u thusitseng hore u itšepe ha u le tšimong? E bolelle motho eo u tsamaeang le eena.
3. Re ka buisana ka eng le motho eo re tsamaeang le eena tšimong e ka mo thusang hore a atlehe?
3 Hlahlellanang: Na ho na le mantsoe kapa potso eo u eeng u e botse, mohlomong ka ntho e etsahetseng sebakeng sa heno, e etsang hore u nolofalloe ho qala moqoqo? Na u fetotse nehelano e itseng hanyenyane ’me ua bona e atleha? E bolelle motho eo u tsamaeang le eena. (Liprov. 27:17) Ha le le tseleng e eang leetong la ho boela mo bolelle morero oa hao oa ho etsa leeto leo le hore na u rerile ho o finyella joang. Ka mor’a ho khanna thuto ea Bibele, mohlomong u ka mo hlalosetsa lebaka le entseng hore u khethe ntlha, lengolo kapa mokhoa o itseng oa ho ruta.
4. Ke hobane’ng re lokela ho ikemisetsa ho thusa balumeli-’moho le rōna?
4 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa ikemisetsa ho thusa batho bao eseng balumeli feela, empa ba ne ba boetse ba ikemiselitse ho khothatsana le ho matlafatsana. (Lik. 11:23; 15:32) Moapostola Pauluse o ile a koetlisa Timothea ’me a mo khathalletsa hore a buisane le batho ba bang ka seo a ithutileng sona. (2 Tim. 2:2) Haeba re lula re hopola ho khothatsa Bakreste ’moho le rōna, re tla etsa hore ba thabe ’me ba atlehe haholoanyane tšimong re be re thabise Ntate oa rōna ea leholimong.—Baheb. 13:15, 16.