Ithute ho Bahoeletsi ba Nang le Phihlelo
Ha ho pelaelo hore re ananela bahoeletsi ba nang le phihlelo ka phuthehong. Ba bang ba na le lilemo tse ngata ba sebeletsa Jehova ka botšepehi. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba sa tsoa fumana tsebo e ntle ea ho etsa mosebetsi oa boboleli. Bahoeletsi bana ba bone kamoo Jesu a tataisitseng phutheho ea Bokreste kateng ho atolosa mosebetsi oa ho bolela le oa ho etsa barutuoa matsatsing ana a ho qetela. (Mat. 28:19, 20) Ka lebaka la ho etsa mosebetsi ona, ba fumane “matla a fetang se tloaelehileng” ha ba hlaheloa ke mathata le liteko. (2 Bakor. 4:7) Re ka ithuta ho hongata ho bahoeletsi bana bao e leng khale ba li bona. Ha monyetla o hlaha, ba thabela ho ruta ba bang seo ba ithutileng sona. (Pes. 71:18) Kahoo, re lokela ho ipha nako ea ho ithuta ho bona. Re ka ipha eona joang?
Mosebetsing oa Boboleli. E le hore bahoeletsi ba bacha le ba se nang phihlelo ba atlehe mosebetsing oa boboleli, ba lokela ho koetlisoa. Ba ka ithuta lintho tse ngata ka ho sheba tsela eo bahoeletsi ba nang le tsebo ba etsang mosebetsi oa boboleli ka eona. (Sheba sehlooho se Molula-Qhooeng oa February 15, 2015, se reng, “Lula U Chesehela Tšebeletso,” serapeng sa boraro sehloohoaneng se reng, “Thusa Bahoeletsi ba Bacha.”) U fumane molemo ofe ka ho sebetsa le bona tšimong?
Kōpa mohoeletsi ea nang le phihlelo hore a sebetse le uena tšimong. Haeba e le motho ea kulang, mohlomong ka linako tse ling u ka khannela e ’ngoe ea lithuto tsa hao tsa Bibele ha hae. Ka mor’a thuto, mo kōpe hore a u fe litlhahiso le likeletso tse ka u thusang.
Iphe Nako ea ho ba le Bona: Tseba bahoeletsi ba nang le phihlelo ka ho ipha nako ea ho ba le bona. Memela e mong borapeling ba lōna ba lelapa ’me u mo botse lipotso. Haeba e le motho ea kulang, ho ka etsoa litokisetso tsa hore borapeli ba lelapa bo tšoareloe ha hae. Mo botse hore na o fumane linnete joang. O fumane litlhohonolofatso life? O bone keketseho efe phuthehong? O thabetse eng tšebeletsong ea Jehova?
U se ke ua lebella hore bahoeletsi ba nang le phihlelo ba ka rarolla bothata bo bong le bo bong, le bona ba na le mefokolo. Joaloka rōna bohle, bahoeletsi bana ba na le bokhoni bo sa tšoaneng mosebetsing oa boboleli. (Bar. 12:6-8) Ba bang ba se ba hōlile ’me ba ka ’na ba se ke ba qeta nako e ngata ba e-na le rōna. Leha ho le joalo, re ka ithuta lintho tse ngata ho bona ka lebaka la phihlelo eo ba bileng le eona ha ba ntse ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.