Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 15 June
BEKE E QALANG KA LA 15 JUNE
Pina ea 77 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 26 ¶1-9 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 2 Samuele 22-24 (8 mets.)
No. 1: 2 Samuele 22:21-32 (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Kaine—Sehlooho: Tsela eo re Arabelang ka Eona ha re Fuoa Keletso e Bontša Hore na re Batho ba Mofuta Ofe—it-1-E maq. 386-387, kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
No. 3: Lerato le ho Mamela li Etsa Hore Motho a Thabe—igw leq. 22 ¶4-6 (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
Sehlooho sa Khoeli: “Hopolang matsatsi a khale.”—Deut. 32:7.
12 mets: Ke Mang eo U mo Ratang ka Bibeleng? Puisano le puo. Qala ka ho buisana le bana ba babeli kapa ba bararo ba ka phuthehong ’me u ba botse lipotso tse latelang: U rata mang ka Bibeleng? Bibele e re motho eo o ile a etsa’ng? U ka rata ho etsisa motho eo ea ka Bibeleng joang? Ka mor’a moo, tsoela pele ka puo ’me u hlalose hore na bana ba ka rua molemo joang ha ba sebelisa likarete tsa Bibele tse fumanehang ho jw.org ho ithuta ka batho ba ka Bibeleng. (Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > BANA.) Karete e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele e bua ka pale ea bophelo ba motho eo le seo a ileng a se etsa, e na le ’mapa o bontšang hore na o ne a lula hokae, nako eo a phetseng ka eona hape e na le lipotso le likarabo tse tharo mabapi le eena. E ’ngoe le e ’ngoe e etselitsoe hore motho a e printe ’me a e boloke. Khothalletsa batsoali ba nang le bana ba banyenyane ho sebelisa thulusi ena ho ba ruta ka “matsatsi a khale.”—Deut. 32:7.
18 mets: “Ithute ho Bahoeletsi ba Nang le Phihlelo.” Puisano. Ha ho tšohloa serapa sa bobeli, kōpa bamameli ba bolele hore na ba ruile molemo ofe ha ba ne ba sebetsa tšimo le mohoeletsi ea nang le phihlelo.
Pina ea 4 le Thapelo