PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ba Thuseng Hore ba Lule ba Sebeletsa Jehova
Hangata ha batho bao e sa tsoa ba bahoeletsi ba thusoa li sa tloha feela ho etsa mosebetsi oa boboleli ka matla, baa atleha tšimong. (Liprov. 22:6; Bafil. 3:16) Litsela tseo ka tsona u ka thusang motho eo u ithutang Bibele le eena ho rata tšimo ke tsena:
Hang-hang ha motho eo u ithutang Bibele le eena e e-ba mohoeletsi, qalella ho mo thusa. (km 8/15 1) Mo bontše hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ea tšebeletsong ea tšimo beke e ’ngoe le e ’ngoe. (Bafil. 1:10) Mo bolelle melemo ea ho ea tšimong. (Bafil. 4:8) U ka boela oa mo khothalletsa ho sebetsa le molebeli oa tšebeletso ea tšimo le bahoeletsi ba phutheho e le hore a ithute ho hong ho bona.—Liprov. 1:5; km 10/12 6 ¶3
Ka mor’a hore motho eo u ithutang Bibele le eena a kolobetsoe, lula u mo khothatsa le ho mo thusa hore a tsoele pele ho ea tšimong, haholo haeba a e-s’o qete buka ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo.”——km 12/13 7
Ha u tsamaea tšimong le motho eo e sa tsoa ba mohoeletsi, bua hakhutšoanyane ’me u tobe taba. Ha a qeta ho bua le mong’a ntlo, mo babatse u be u mo bolelle lintlha tse ling tse ka mo thusang hore a atlehe tšimong.—km 5/10 7