Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 16 November
BEKE E QALANG KA LA 16 NOVEMBER
Pina ea 17 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
ia khao. 2 ¶13-23, tlhahlobo e ho leq. 24 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 1 Likronike 26-29 (8 mets.)
No. 1: 1 Likronike 29:20-30 (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Ho “Koahela Libe” ho Bolela’ng?—lv leq. 76 lebokose (5 mets.)
No. 3: Elizabetha—Tšaba Molimo ’me U Hloke Molato—it-1-E leq. 719 kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
Sehlooho sa Khoeli: “Ke ile ka lema, Apolose a nosetsa, empa Molimo a ’na a hōlisa.”—1 Bakor. 3:6.
10 mets: Tsoelang Pele le ‘Nosetsa’ ba Bontšang Thahasello. (1 Bakor. 3:6-8) Buisana le pula-maliboho ea kamehla le mohoeletsi. Ba iketselitse kemiso efe e le hore ba etse maeto a ho boela? Ba lokisetsa joang? Ba etsa joang haeba ba fumana motho eo ba khutlelang ho eena a le sieo lapeng? Ba na le liphihlelo life tse monate?
20 mets: “Re ka Sebelisa Likhatiso Tse Mameloang Joang?” Lipotso le likarabo. Hlalosetsa bahoeletsi hore na ba ka fumana likhatiso tse mameloang hokae ho jw.org. Bapalla bamameli khatiso e le ’ngoe. Lokisetsa hore ho etsoe pontšo ea se kileng sa etsahala e hlahang qetellong ea sehlooho se reng “Sebelisa Websaete ea Rōna Tšimong—‘Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa’” e hlahang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea November 2014.
Pina ea 108 le Thapelo