Kopano ea Potoloho e Tla re Thusa Ho Sireletsa Kamano e Ntle le Molimo
1. Jehova o lokiselitse’ng ho re thusa ho phetha mosebetsi oa rōna oa ho bolela litaba tse molemo hohle?
1 Ka seatla se bulehileng Jehova o fana ka lintlha, koetliso le khothatso tseo re li hlokang e le hore re etse mosebetsi oo a re fileng oona oa ho bolela litaba tse molemo hohle. (Mat. 24:14; 2 Tim. 4:17) Kopano ea rōna ea potoloho ea selemo le selemo ke tsela e ’ngoe ea hore re fumane lintho tseo. Lenaneo le lecha la selemo sa tšebeletso sa 2010 le tla tšohla sehlooho se reng “Sireletsa Kamano e Ntle le Molimo,” se thehiloeng lengolong la Baroma 8:5 le la Juda 17-19. Le tla qala bekeng ea la 31 August, 2009.
2. (a) Kopano ea potoloho e tla re tsoela molemo ofe? (b) Likopano tsa potoloho tse fetileng li u thusitse joang tšebeletsong ea tšimo?
2 Kamoo le Tla re Thusa Kateng: Lenaneo leo le tla etsa hore re hlokomele likotsi, tseo tse ling tsa tsona e leng litšitiso tse ka ’nang tsa ja nako ea rōna ’me tsa khelosa mehopolo ea rōna linthong tsa bohlokoa e le kannete. Re tla ithuta tsela ea ho loantša moea oa ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e batlang, ’me re tla bona hore na re lokela ho etsa eng hore re be le kamano e ntle le Molimo. Lipuo tsa neheletsano tse tla fanoa ka Sontaha li tla bontša kamoo batho le malapa ba ka nkang mehato ea ho matlafatsa kamano ea bona le Molimo ha ba talimane le likhatello tse ntseng li eketseha le liteko tse matla tsa tumelo. Lenaneo lena le tla re thusa hore re sireletse lipelo tsa rōna, re lule re e-na le kamano e ntle le Molimo re bile re hopotse mahlohonolo a maholo a tlelang batho ba sireletsang kamano ea bona le Molimo.
3. Kopano ea lōna ea potoloho e latelang e neng, ’me le lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?
3 Hang feela ha le tseba hore na kopano ea lōna ea potoloho e latelang e tla tšoaroa neng ’me e tšoareloe hokae, etsang litokisetso tsa ho ba teng ’me le mamelisise lipuo tsohle tsa matsatsi a mabeli. Kholisehang hore Jehova o hlohonolofatsa ba khothetseng.—Liprov. 21:5.
4. Re kholisehile hore re tla fumana eng kopanong ea rōna ea potoloho e latelang?
4 Ka sebele Jehova ke Mofani oa mpho ena e molemo. Lenaneo le lokiselitsoeng ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene e tla ba sona seo re se hlokang hore re tsoele pele re le basebeletsi ba Bakreste. Re leboha Jehova ka litokisetso tsohle tsa hae tse lerato tse re thusang hore re ‘tšoare ka tieo boipolelo ba phatlalatsa ba tšepo ea rōna re sa thekesele.’—Baheb. 10:23-25; Jak. 1:17.