Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 20 July
BEKE E QALANG KA LA 20 JULY
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Levitike 25-27
No. 1: Levitike 25:39-54
No. 2: Lebaka le Etsang Hore ho be Thata ho Etsa se Nepahetseng (lr-SU khao. 26)
No. 3: Hoja Adama a se ke a Etsa Sebe, na o ne a Tla Qetella a Ile Leholimong? (rs-SU leq. 224 ¶5-6)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
10 mets: Ho Rala Motheo ho Kreste. Puo e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso leqepheng la 278, serapeng sa 1-4.
10 mets: Itokisetse ho Tsamaisa Molula-Qhooa oa August 1 le Tsoha! ea August. Ka mor’a ho li hlalosa hakhutšoanyane, botsa bamameli hore na ba bona eka ke lihlooho life tse ka khahlang batho haholo tšimong hona hobane’ng. Kōpa bamameli hore ba bolele hore na ba ka botsa potso efe le ho bala lengolo lefe pele ba tsamaisa makasine ka ’ngoe. Phetha ka ho suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng.
10 mets: “Kopano ea Potoloho e Tla re Thusa Hore re Sireletse Kamano e Ntle le Molimo.” Puisano ea lipotso le likarabo.