Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/10 leq. 1
  • Tokisetso e Etselitsoeng Bahlanka ba Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tokisetso e Etselitsoeng Bahlanka ba Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kopano ea Potoloho e Tla re Thusa Ho Sireletsa Kamano e Ntle le Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Sireletsa Kelello ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
km 8/10 leq. 1

Tokisetso e Etselitsoeng Bahlanka ba Molimo

1. Ke tokisetso efe e qalileng ka 1938, hona morero oa eona ke ofe?

1 Ka 1938, mokhatlo oa Jehova o ile oa qala tokisetso e ncha. Liphutheho li ile tsa memeloa likopanong tsa libaka, tseo kajeno li bitsoang likopano tsa potoloho. Morero oa likopano tsee e ne e le ofe? Ha Informant ea January 1939 (eo hona joale e bitsoang Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso) e arabela potso eo e re: “Likopano tsena ke tsela e ’ngoe eo ka eona Jehova a tsamaisang tšebeletso ea ’Muso a sebelisa Mokhatlo oa Hae. Taeo e fanoang ho tsona e tsoela e mong le e mong molemo e le hore a phethe mosebetsi oo a o filoeng ka bokhabane.” Ha re nahana ka tsela eo baboleli ba ’Muso ba eketsehileng ka eona ho tloha ka 1938 ha ba ne ba ka ba 58 000 feela ho fihlela ba feta 7 000 000 ka 2009, ho totobetse hore likopano tsa potoloho li finyella morero oa tsona oa ho thusa bahlanka ba Molimo hore ba “phethe mosebetsi oo [ba] o filoeng”!

2. Ho tla tšohloa lihlooho life kopanong ea potoloho ea selemo sa tšebeletso se tlang?

2 Sehlooho sa Selemo se Tlang: Re lebeletse ka thabo kopano ea potoloho e qalang ka September le khothatso eo re tla e fumana ho eona. Sehlooho sa eona se re, “Ha le Karolo ea Lefatše” ’me se thehiloe lengolong la Johanne 15:19. Tse ling tsa lipuo tse tla hle li tsoele bahlanka ba Molimo molemo ke life? Ka Moqebelo ho tla ba le puo ea sehlooho se reng, “Tšebeletso ea Nako e Tletseng e re Sireletsa Joang?” Ho tla boela ho be le neheletsano ea lipuo tse tharo eo sehlooho sa eona se reng, “U se ke Ua Silafatsoa ke . . . ” “Sebata,” “Seotsoa se Seholo” le “Bahoebi ba Tsamaeang.” Ka Sontaha ho tla ba le neheletsano ea sehlooho se reng, “U Rate Jehova, Eseng Lefatše.” Lipuo tse ling li na le lihlooho tse latelang, “Lulang le le ‘Bajaki le Baahi ba Nakoana’” le “Le be Sebete! Le ka Hlōla Lefatše.”

3. Re ka rua melemo efe ka ho ba teng kopanong ea potoloho?

3 Ka mor’a hore morali’abo rōna ea neng a se a khoehlisitse boboleling a be teng kopanong ea potoloho e fetileng, o ile a ngola ’me a bolela hore lenaneo le mo susumelelitse hore a itlhahlobe a be a ikemisetse ho “ea tšimong, a tlohele ho ipehela mabaka a sa utloahaleng!” Ha ho pelaelo hore lenaneo la kopano ea potoloho ea selemo sa tšebeletso se tlang le tla re thusa kaofela hore re rate Jehova ’me re se ke ra rata lefatše. (1 Joh. 2:15-17) Etsa bonnete ba hore u ba teng ’me ua mamelisisa e le hore u rue molemo ka botlalo lenaneong lena le lokiselitsoeng bahlanka ba Molimo ka lerato!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela