Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/04 leq. 5
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhahlobo ea Kopano ea Potoloho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Kopano ea Potoloho e Tla re Thusa Ho Sireletsa Kamano e Ntle le Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 8/04 leq. 5

Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho

‘Linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ re hloka bohlale ba bomolimo e le hore re ka fumana kamohelo ea Jehova ’me re lule re e-na le eona. (2 Tim. 3:1) Lenaneo la kopano ea potoloho la selemo sa tšebeletso sa 2005 le tla re fa keletso e molemo le khothatso ha le lokolisa sehlooho se reng “Le Tataisoe ke ‘Bohlale bo Tsoang Holimo.’”—Jak. 3:17.

Neheletsano ea pele, ea sehlooho se reng “Ho Bonahatsa ‘Bohlale bo Tsoang Holimo’ Bophelong ba Rōna,” e tla re thusa ho utloisisa se boleloang ke ho hloeka, ho ba le khotso, ho ba le kahlolo e molemo, le ho ba ba itokiselitseng ho mamela. Ka mor’a moo molebeli oa potoloho o tla lebisa tlhokomelo litšobotsing tse tharo tsa bohlale ba leholimo. Molebeli oa setereke o tla phetha letsatsi la pele ka ho bontša kamoo basebeletsi ba Bakreste ba hlomeletsoeng kateng hore ba bue bohlale ba Molimo, le hoja ba bang ba ba talima e le “ba sa rutehang le ba tloaelehileng.”—Lik. 4:13.

Letsatsing la bobeli, neheletsano ea sehlooho se reng “Phehella Lintho Tse Hahang” e tla re thusa ho hlokomela lintho tse ka re fokolisang moeeng le ho li qoba. Hape e tla re bontša kamoo re ka hahang ba bang kateng libokeng tsa phutheho, tšebeletsong ea tšimo, le ka har’a lelapa. Puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng, “Kamoo Bohlale ba Bomolimo bo re Ruisang Molemo,” e tla totisa kananelo ea rōna bakeng sa melemo eo re e fumanang ha re sebelisa melao-motheo ea bomolimo bophelong ba rōna. Puo e koalang, e reng “Ho Sebetsa Tumellanong le Bohlale ba Bomolimo Hoa re Sireletsa,” e tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho retelehela ho Jehova bakeng sa bohlale matsatsing ana a ho qetela.

Kolobetso ea barutuoa ba bacha ke ketsahalo ea bohlokoa kopanong e ’ngoe le e ’ngoe. Lenaneo le tla boela le akarelletse Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Thuto ea Molula-Qhooa. Jehova o batla hore kaofela ha rōna re rue molemo bohlaleng boo a fanang ka bona. Re tla matlafatsoa moeeng ke keletso le khothatso tse re letetseng kopanong ea rōna ea potoloho.—Liprov. 3:13-18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela