Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tse re Tšoenyang Hokae?
Neha motho eo u buisanang le eena pampitšana ka tsela eo a tla bona sehlooho ebe u re: “Lumela. Lefatšeng lohle re letšolong la ho aba molaetsa ona oa bohlokoa. Pampitšana ea hao ke ena.”
Haeba u siea pampitšana ntlong eo ho se nang batho ho eona, e behe moo batho ba fetang ka tsela ba ke keng ba e bona ’me u se ke ua e mena ho sa hlokahale.
Haeba motho eo u buang le eena a thahasella, u ka mo botsa hore na maikutlo a hae ke afe potsong e leqepheng la pele eo motho a ikhethelang karabo ho tse fanoeng. Phetla pampitšana, ebe u mo bontša seo Pesaleme ea 119:144, 160 e se bolelang. Mo hlalosetse hore pampitšana ena e na le boitsebiso bo buang ka Websaete e ka mo thusang hore a fumane likarabo tse khotsofatsang ka Bibeleng. Mohlomong u ka mo bontša video e nang le sehlooho se reng, Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele? Pele u tsamaea, mo bontše lipotso tse tharo tse leqepheng la ho qetela ebe u mo botsa hore na ke efe e mo tšoenyang haholo. Mo bolelle hore u tla khutla u tl’o mo bontša hore na Bibele e araba potso eo joang ka jw.org/st. Ha u khutla, tšohlang karabo ka ho sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA.
Haeba u boetse u aba le limemo tsa kopano ea lebatooa, neha motho eo u buisanang le eena memo ha u mo fa pampitšana ’me u re, “Re boetse re u fa memo ea ketsahalo e ’ngoe eo re memelang batho bohle ho eona.”
Molula-Qhooa August 1
Ha ho loketse, u ka bua tjena ha u fana ka Molula-Qhooa mafelong a beke: “Re boetse re rata ho u fa limakasine tsa rōna tsa morao-rao. Molula-Qhooa ona o araba potso e reng, Na Molimo o oa u tsotella?”
Tsoha! August
Ha ho loketse, u ka bua tjena ha u fana ka Tsoha! mafelong a beke: “Re boetse re rata ho u fa limakasine tsa rōna tsa morao-rao. Tsoha! ena e araba potso e reng, Batho ba ka phelisana ka khotso joang?”