Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/15 leq. 8
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • E Sebelise ka Linako Tsohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
km 3/15 leq. 8

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Molula-Qhooa April 1

“Re ntse re fa motho e mong le e mong sebakeng sena pampitšana ena kajeno. [Neha mong’a ntlo pampitšana e nang le sehlooho se reng, Maikutlo a Hao ke Afe ka Bibele? ’me u mo botse lipotso tse leqepheng la pele. Mo bontše karabo ea Bibele ho 2 Timothea 3:16, ’me u mo khothalletse hore a bale pampitšana eo ha a e-na le nako.] Batho ba bangata ha ba tsebe hore Bibele e fana ka likarabo tse khotsofatsang hakana tsa lipotso tse kang tsena. [Mo bontše lipotso tse qalang tsa sehlooho sa pele sa Molula-Qhooa.] Makasine ona o hlalosa kamoo u ka iphumanelang likarabo tsa lipotso tseo Bibeleng ea hao.”

Tsoha! April

“Re ntse re etela batho ka nako e khutšoanyane kajeno hobane batho ba bangata ba tšoenyehile ka tsela eo lintho li seng li fetohile ka eona ka malapeng. Lilemong tsa ho feta bana ba ne ba mamela batsoali empa malapeng a mangata hona joale ho bonahala eka batsoali e se e le bona ba mamelang bana. Na u nahana hore kajeno ho na le phoso tseleng eo batsoali ba khalemelang bana ka eona? [Emela karabo.] Bibele e re ke habohlokoa ho khalemela bana. [Bala Liproverbia 29:17.] Makasine ona o bua ka litaelo tse nepahetseng tsa Bibele tsa ho khalemela bana.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela