Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa April
“Kolobetso ke mokhoa o tloaelehileng har’a Bakreste ba bangata. U nahana joang ka taba ee? Na kolobetso ke ea bohlokoa? [Emela karabo.] Sehlooho sena se na le lintlha tse thahasellisang.” Fa mong’a ntlo Molula-Qhooa oa April 1 u ntan’o tšohla le eena sehloohoana sa pele leqepheng la 16 ’me bonyane u bale lengolo le le leng. Mo siele limakasine ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tšohle karabo ea potso e latelang.
Molula-Qhooa April 1
“Batho ba na le maikutlo a sa tšoaneng ka Jesu. Ba bang ba nahana hore e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng. Athe ba bang ba nka hore e ne e le motho ea molemo feela. Ba bang bona ba re ha ho mohla a kileng a phela. Uena u re’ng? [Emela karabo.] Ho ea ka Bibele, ke habohlokoa hore re tsebe ’nete mabapi le Jesu. [Bala Johanne 17:3.] Makasine ena e bontša kamoo Bibele e arabang tse ling tsa lipotso tse tloaelehileng mabapi le Jesu.”
Tsoha! April
“Re tšebeletsong ea sechaba ea ho thusa malapa. Na ua lumela hore kajeno malapa a mangata a thulana le mathata? [Emela karabo.] Hlokomela hore na malapa a mangata a fumane keletso e molemo hokae. [Bala Pesaleme ea 119:105.] Makasine ena e tšohla kamoo ho latela melao-motheo ea Bibele ho thusitseng malapa a lenyalo la bobeli hore a atlehe ho sebetsana le mathata a ’ona a ikhethang.”