Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho qala lithuto tsa Bibele ka moqebelo oa pele oa November
“Batho ba bangata ba rata ho ba le puso e molemo. Ebe u bona eka ke ’muso ofe o neng o tla khona ho rarolla mathata a batho? [Emela karabo.] Hlokomela hore na makasine ena e re’ng.” Fa mong’a ntlo Molula-Qhooa oa November 1, u ntan’o tšohla le eena boitsebiso bo sehloohoaneng sa pele leqepheng la 16 ’me bonyane u bale lengolo le le leng. Mo nehe limakasine ebe u lokisetsa ho tla tšohla potso e latelang.
Molula-Qhooa November 1
“Re kōpa ho utloa maikutlo a hao tabeng ena. Ha u ne u ka fuoa monyetla oa ho botsa Molimo potso e le ’ngoe, u ne u ka mo botsa’ng? [Emela karabo.] Ho ea ka Jesu, re etsa hantle ha re batla likarabo tsa lipotso tsa rōna tse tsoang botebong ba pelo. [Bala Matheu 7:7.] Makasine ena e fana ka likarabo tse tsoang Bibeleng tsa lipotso tsena tse tharo tsa bohlokoa.” Bontša mong’a ntlo lipotso tse botlaaseng ba leqhephe la 3.
Tsoha! November
“Kajeno re ntse re etela malapa e le tšebeletso eo re e etsetsang sechaba. Malapa a motsoali a le mong a atile haholo. Na u nahana hore a na le mathata a mangata ho feta malapa a nang le batsoali ka bobeli? [Emela karabo.] Batsoali ba bangata ba ’nile ba fumana keletso e ba tsoelang molemo ka Bibeleng. [Bala 2 Timothea 3:16.] Makasine ena e fana ka litlhahiso tse ka thusang batsoali ba se nang balekane hore ba atlehe ho phetha boikarabelo ba bona bo boima.”