Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa August
“Batho ke litho tsa malumeli a sa tšoaneng ’me ba rapela Molimo ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng. U bona eka Molimo o ikutloa joang ka seo? [Emela karabo.] Hlokomela hore Jesu o ile a re’ng ha a ruta ka taba ena.” Neha motho eo u buisanang le eena Molula-Qhooa oa August 1 ka mor’a moo le tšohle taba e hlahang tlas’a sehloohoana sa pele se leqepheng la 16, ebe bonyane u bala lengolo le le leng ho a sa qotsoang. Fana ka limakasine, ’me u lokisetse ho khutlela e le hore le tle le tšohle potso e latelang.
Molula-Qhooa August 1
“Na bana ba lokela ho rutoa ka Molimo ba sa le banyenyane, kapa ho molemo hore re ba emele ba hōla-hole re ntan’o ba tlohela hore ba khethe seo ba se lumelang? [Emela karabo.] Hlokomela hore na Bibele e laela bo-ntate hore ba etse’ng. [Bala Baefese 6:4.] Makasine ena e fa batsoali likeletso tsa hore na ba ka ruta bana ba bona ka Molimo joang.”
Tsoha! August
“Nka rata ho utloa hore na u ikutloa joang ka temana ena. [Bala 1 Samuele 16:23.] Lengolo lena le bontša hore ’mino o na le matla. Na u bona eka ho na le lipina tse ka susumelletsang batho ho etsa se sebe? [Emela karabo.] Makasine ena e tšohla tsela e molemo ea ho khetha ’mino oo re o mamelang le kamoo re ka thusang bana ba rōna kateng ho etsa se tšoanang.”