Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa July
“Lilemong tsa morao tjena, batho ba bangata ba se ba thahasella litaba tse amanang le mangeloi. Na u nahana hore ehlile mangeloi a teng? [Emela karabo.] Bona hore na ho thoe’ng mona.” Neha mong’a ntlo Molula-Qhooa oa July 1 u ntan’o tšohla le eena boitsebiso bo sehloohoaneng sa pele leqepheng la 16 ’me bonyane u bale lengolo le le leng. Mo siele limakasine ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tšohle karabo ea potso e latelang.
Molula-Qhooa July 1
Bala Pesaleme ea 65:2. Ebe u re: “Batho ba bangata ba lumela hore Molimo ke ‘Ea Utloang thapelo,’ ’me ba mo rapela letsatsi le letsatsi. Empa ba bang ba ipotsa lipotso tse kang, ‘Haeba Molimo o teng, ke hobane’ng ha lefatše le tletse mathata hakaale?’ U nahana’ng ka see? Na ho na le Molimo ea utloang lithapelo tsa rōna? [Emela karabo.] Makasine ena e re fa karabo ea Bibele potsong ena e reng: ‘Ke hobane’ng ha Ea Utloang thapelo a lumella mahlomola?’”
Tsoha! July
“Haeba u ne u e-na le matla a ho fetola lintho lefatšeng, u ne u tla fetola eng? [Emela karabo.] Bibele e bontša hore na ke hobane’ng ha batho ba sa khone ho etsa lintho tse itseng. [Bala Jeremia 10:23.] Makasine ena e hlalosa seo Molimo a rerileng ho se fetola.”