Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa July
“Ba bangata ba ’nile ba pheta mantsoe ana a Thapelo ea Morena: ‘’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.’ Ha u bona ’Muso oo ke eng? [Emela karabo.] Temana ena ea Bibele e re fa leseli.” Bala Daniele 2:44. Ebe u fa motho eo u buisanang le eena Molula-Qhooa oa July 1 u ntan’o bala u be u tšohle le eena sehloohoana sa pele leqepheng la 16. Mo siele limakasine ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tšohle karabo ea potso e latelang.
Molula-Qhooa July 1
“Kaha bophelo bo bokhutšoanyane ’me bo tletse mathata, ba bangata ba ipotsa hore na ba phelela’ng. Na u kile ua ipotsa potso eo? [Emela karabo.] Bibele e re tšepisa hore bophelo bo ke ke ba lula bo le tjena. [Bala Tšenolo 21:4.] Makasineng ena ho tšohloa morero oa Molimo ka lefatše ’me ho thathamisoa lintho tse ling tseo re ka li etsang e le hore re tsebe hore na ha e le hantle re phelela’ng esita le hona joale.”
Tsoha! July
Bolela tlokotsi eo ho buuoang ka eona litabeng. Ebe u re: “U bona eka ke hobane’ng ha Molimo a lumella lintho tse joalo hore li etsahale? [Emela karabo.] Bibele e re Molimo o utloela batho ba mahlomoleng bohloko. [Bala Exoda 3:7.] Bibele e boetse e re bolella hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola ebile e re bolella hore haufinyane o tla a felisa ka ho sa feleng. Makasine ena e tšohla taba eo.”