Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/13 leq. 8
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 6/13 leq. 8

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa July

“Hoo e ka bang motho e mong le e mong sebakeng sena a ka rata ho phela nako e telele a bile a thabile. Joale nka lakatsa ho utloa karabo ea hao potsong ena: Na u nahana hore ka letsatsi le leng lingaka le litsebi tsa saense li tla etsa hore re phele ka ho sa feleng? [Emela karabo.] Hlokomela hore na makasine ena e re’ng mona.” Ka mor’a moo, mo bontše sehlooho se leqepheng la ho qetela la Molula-Qhooa oa July 1, ebe le tšohla boitsebiso bo hlahang ka tlas’a potso ea pele mohlomong le lengolo le le leng ho a sa qotsoang. Mo siele limakasine, ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tl’o tšohla potso e latelang.

Tlhokomeliso: Le lokela ho etsa pontšo ena sebokeng sa tšebeletso ea tšimo sa la 6 July.

Molula-Qhooa July 1

“Batho ba bangata bao re buang le bona ba na le malumeli a bona. Empa ba bang ba bona ba re ha ba sa tšepa bolumeli ho hang. U ikutloa joang ka bolumeli? [Emela karabo.] Jesu o re bontšitse kamoo re ka tsebang bolumeli ba ’nete kateng. [Bala Luka 6:44a.] Makasine ena e bua ka tse ling tsa litholoana tse mpe tseo bolumeli bo li behang. Hape e araba potso e reng, Na ho na le bolumeli leha e le bofe boo re ka bo tšepang?”

Tsoha! July

“Re ntse re etela baahelani ba rōna ho buisana le bona ka bothata bona bo tšoenyang—ho hloka toka. Batho ba bang ba loantša ho hloka toka ka ho etsa literaeke. Na u nahana hore batho ba etsang literaeke ba khona ho tlisa liphetoho? [Emela karabo.] Hlokomela hore na Bibele e re ke eng e tla tlisa liphetoho tsa sebele lefatšeng. [Bala Matheu 6:9, 10.] Makasine ena e arabela potso ena: Na Literaeke li Rarolla Mathata?”

Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!

“Re ntse re etela malapa hore re buisane le ’ona ka taba e itseng e tsoang ka Bibeleng. Ba bangata bao re buileng le bona ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo ea lerato a lumella mahlomola a mangata hakana lefatšeng. Na u nahana hore e ne e le morero oa Molimo hore mahlomola a be teng lefatšeng?” Emela karabo. Ebe u phetla Thutong ea 5, ’me u bale lirapa tse peli tsa pele le mangolo a ngotsoeng ka mongolo o tšekaletseng le nt’ano buisana ka tsona. Mo siele bukana ’me u etse litokisetso tsa ho khutlela hore le tl’o buisana ka potso e latelang e ngotsoeng ka mongolo motenya.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela