Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa July
“U nahana hore Molimo o ikutloa joang ka lithapelo tsa rōna? U nahana hore o li nka e le tsa bohlokoa kapa o li mamela feela tjee?” Emela karabo. Mo bontše sehlooho se leqepheng la ho qetela la Molula-Qhooa oa July 1, ebe le tšohla boitsebiso bo hlahang ka tlas’a potso ea pele mohlomong le lengolo le le leng ho a sa qotsoang. Mo siele limakasine, ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tl’o tšohla potso e latelang.
Molula-Qhooa July 1
“Kaha Molimo o matla ’ohle, na re lokela ho mo beha molato ka lintho tsohle tse mpe tse etsahalang? [Emela karabo ebe u bala Jakobo 1:13.] Makasine ena e hlalosa hore na ke hobane’ng ha lintho tse mpe li etsahala le hore na Molimo o tla etsa’ng ho felisa bobe le mahlomola.”
Tsoha! July
“Ka nako e ’ngoe bophelong batho ba hlaheloa ke litlokotsi tse kang likoluoa tsa tlhaho, boloetse bo bolaeang, kapa ho shoeloa ke motho eo ba mo ratang. Ha re hlaheloa ke lintho tsee, na u bona ho hlokahala hore re lule re e-na le tšepo? [Emela karabo.] Batho ba bangata ba re ba thusitsoe ke Bibele hore ba mamelle litlokotsi. [Bala Baroma 15:4.] Makasine ena e bontša kamoo Bibele e ka re thusang kateng ha re oeloa ke tlokotsi.”