Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa May
“Na u bona eka bolumeli bo khothalletsa lerato le khotso kapa lehloeo le mabifi? [Emela karabo.] E-re ke u bontše taba e khahlisang ntlheng ena.” Neha mong’a ntlo Molula-Qhooa oa May 1 ’me le tšohle sehloohoana sa pele leqepheng la 16 le bonyane temana e le ’ngoe. Mo siele limakasine ebe u lokisetsa ho khutla e le hore le tšohle potso e latelang.
Molula-Qhooa May 1
“Batho ba bangata ba nahana hore bolumeli bo lokela ho ikamahanya le lipolotiki, athe ba bang ba nahana hore bolumeli ha boa lokela ho tsoakana le lipolotiki. Uena u re’ng? [Emela karabo.] Hlokomela hore na Jesu o ile a etsa’ng ha batho ba ne ba batla hore a kene lipolotiking tsa mehleng ea hae. [Bala Johanne 6:15.] Makasine ena e hlalosa hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa joalo ’me e tšohla tsela e molemo ka ho fetisisa eo Bakreste ba ka thusang baahisani ba bona ka eona.”
Tsoha! May
“Hoo e ka bang motho e mong le e mong eo re buang le eena o kile a tšoaroa ka leeme ka nako e itseng. Na u nahana hore ho na le se tla felisa leeme? [Emela karabo.] Hlokomela boprofeta bona bo buang ka ’musi ea tla felisa leeme. [Bala Pesaleme ea 72:11-14.] Makasine ena e bua ka litšepiso tsa Bibele tsa bokamoso boo ho bona ho tla ba le toka.”