Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa June
Bala Esaia 42:8, ebe u re: “Ho latela lengolo lena, Molimo o na le lebitso. Na ebe hoa hlokahala hore re sebelise lebitso la Molimo? [Emela karabo.] Hlokomela se ngotsoeng mona.” Fa mong’a ntlo Molula-Qhooa oa June 1 ’me le tšohle boitsebiso bo sehloohoaneng sa pele, leqepheng la 16. Mo nehe limakasine ebe u lokisetsa ho khutla ho tla tšohla potso e latelang.
Molula-Qhooa June 1
“Nka rata ho utloa maikutlo a hao tabeng ena ea bohlokoa. [Phetla leqephe la 3 ebe u mo bontša lintlha tse thathamisitsoeng moo.] Uena u lumellana le maikutlo afe ka Bibele lintlheng tsee? [Emela karabo.] Hlokomela hore na Bibele e re’ng ha e ipuella. [Bala Baroma 15:4.] Makasine ena e bontša mabaka a mahlano ao ka ’ona Bibele e leng buka e ikhethang ’me e bontša kamoo e ka re ruisang molemo kateng.”
Tsoha! June
“Selemo ka seng batho ba limilione lefatšeng lohle ba kulisoa ke lijo tseo ho leng kotsi ho li ja. U bona eka lijo tseo re li jang sebakeng see li sireletsehile hakae? [Emela karabo.] Makasine ena e bua ka litsela tse ’nè tseo re ka sireletsang malapa a rōna ka tsona mafung a bakoang ke lijo. E boetse e tšohla tšepiso ea Bibele ea hore haufinyane e mong le e mong o tla ba le lijo tse ngata tse matlafatsang.” Bala Pesaleme ea 104:14, 15.