Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/13 leq. 4
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 5/13 leq. 4

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa June

“Hoo e ka bang motho e mong le e mong eo re buang le eena o batla hore ho be le khotso lefatšeng. Empa ho ntse ho e-na le lintoa. U nahana hore ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho finyella khotso lefatšeng?” Emela karabo. Ka mor’a moo, mo bontše sehlooho se leqepheng la ho qetela la Molula-Qhooa oa June 1, ebe le tšohla boitsebiso bo hlahang ka tlas’a potso ea pele mohlomong le lengolo le le leng ho a sa qotsoang. Mo siele limakasine, ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tl’o tšohla potso e latelang.

Tlhokomeliso: Nehelano ena e lokela ho sebelisoa sebokeng sa tšebeletso ea tšimo ka la 1 June.

Molula-Qhooa oa June 1

“Re etetse motseng mona ka nako e khutšoanyane ho tla qoqa le lōna ka bothata bo atileng. Ka nako e itseng, batho ba bangata ba kile ba tšoaroa ka leeme bophelong. Na u nahana hore lefatšeng ho na le sebaka seo ho sona ho se nang leeme? [Emela karabo.] Hlokomela hore na Molimo o nka batho bohle joang. [Bala Liketso 10:34.] Makasineng ena ho tšohloa kamoo Molimo a tla felisa leeme ka ho sa feleng.”

Tsoha! June

“Re rata ho utloa maikutlo a hao tabeng ena. Ho tloaelehile hore batho ba batle ho phela hamonate. Na u nahana hore re ka finyella seo ka ho reka nthoe’na le nthoa’ne? [Emela karabo.] Ela hloko mantsoe ana a Jesu a bohlokoa. [Bala Luka 12:15.] Makasine ena e re fa pono e loketseng ka lintho tse bonahalang le litlhahiso tse re thusang hore na re ka laola tsela eo re rekang ka eona joang.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela