Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa August
“Hoo e ka bang motho e mong le e mong o na le nako eo a rapelang ka eona. Esita le batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng baa rapela ha ba le mathateng. Na u nahana hore Molimo o mamela lithapelo tsohle?” Emela karabo. Mo bontše sehlooho se leqepheng la ho qetela la Molula-Qhooa oa August 1, ebe le tšohla boitsebiso bo hlahang ka tlas’a potso ea pele mohlomong le lengolo le le leng ho a sa qotsoang. Mo siele limakasine, ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tl’o tšohla potso e latelang.
Tlhokomeliso: Nehelano ena e lokela ho sebelisoa sebokeng sa tšebeletso ea tšimo ka la 3 August.
Molula-Qhooa August 1
“Re u etetse hakhutšoanyane ho tla buisana le uena ka taba e tšoentseng batho ba bangata ea ho ata ha litšoantšo tsa bootsoa. Leha ho le joalo ba bangata ba nka hore litšoantšo tsa bootsoa ha li kotsi. Uena u re’ng? [Emela karabo.] Jesu o itse re ka hlahloba hore na ntho e itseng e molemo kapa che ka hore re shebe liphello tsa eona. [Bala Matheu 7:17.] Makasine ena e hlahloba liphello tse tlisoang ke ho shebella litšoantšo tsa bootsoa. E boetse e fana ka likeletso tsa hore na ke joang motho a ka tlohelang ho shebella litšoantšo tsena.”
Tsoha! August
“Bongata ba rōna re batla ho phela nako e telele kamoo ho ka khonehang. Na u nahana hore ho tsoela pele ha saense ho tla etsa hore ka letsatsi le leng batho ba phele ka ho sa feleng? [Emela karabo.] Hlokomela tšepiso ena e thahasellisang. [Bala 1 Bakorinthe 15:26.] Empa Molimo o tla finyella see joang—ka saense kapa ka tsela e ’ngoe? Hona ke hobane’ng ha re tsofala ’me re shoa? Makasine ena e bontša kamoo Bibele e arabang lipotso tsena kateng.”