Bacha Baa Botsa . . .
Nka Qoba Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro Joang?
“Moshanyana e mong sekolong o ne a khomarelitse setšoantšo sa ngoanana ea hlobotseng ka hare lemating la lok’hara ea hae. Lok’hara eo e ne e le haufi le ea ka.”—Robert.a
“Ke ne ke ntse ke etsa patlisiso Inthaneteng bakeng sa mosebetsi oa sekolo ha ka tšohanyetso ke oelana le ‘Web site’ ea litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro.”—Annette.
HA BATSOALI ba hao ba sa le bacha joaloka uena, batho ba neng ba batla ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ba ne ba lokela ho li batla. Empa kajeno ho bonahala eka litšoantšo tsena tse manyala tse hlephisang boitšoaro ke tsona tse u batlang. Joaloka Robert, eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae ka holimo, u ka ’na ua oelana le litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro tsa ngoana eo u kenang sekolo le eena. Kapa joaloka Annette, u ka ua li bona u sa ikemisetsa ha u ntse u sebelisa Inthanete. Ngoanana e mong ea lilemo li 19 o re: “Ka linako tse ling ha ke ntse ke sheba Inthaneteng kapa ke reka kapa ke sheba seteitemente sa banka ho eona, ka tšohanyetso ho hlaha litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro!”b
Ena ke ntho e tloaelehileng haholo. Phuputso e ’ngoe e bolela hore bacha ba etsang karolo ea 90 lekholong ba nang le lilemo tse 8 ho isa ho tse 16 ba ile ba bolela hore ba bone litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro Inthaneteng le hoja ba ne ba sa ikemisetsa—hangata e le ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae! ’Nete ke hore litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li fumaneha habonolo ho feta leha e le neng pele kaha ho na le li-Web site tse se nang palo tse bontšang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro tse baloang ka limilione tse makholo. Li bile li fumaneha le ka cell phone. Denise ea lilemo li 16 o re: “Sekolong ba li rata haholo. Ho bonahala ntho eo ho qoqoang ka eona ka Mantaha e le ea hore, ‘U kentse litšoantšo life founong ea hao mafelo-bekeng a fetileng?’”
Kaha ua tseba hore batho ba bangata ba sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, mohlomong u ka ’na ua ipotsa, ‘Na ehlile li kotsi hakaalo?’ Karabo ke hore ehlile li kotsi, le hona e le ka mabaka a sa tšoaneng. Ak’u nahane ka a mararo feela a ’ona:
◼ Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li theola seriti sa batho ba li hlahisang le ba li shebang.—1 Bathesalonika 4:3-5.
◼ Ho rata litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho tšoana hantle le takatso e feteletseng ea ho kopanela liphate eo meea e khopo e neng e e-na le eona mehleng ea Noe.—Genese 6:2; Juda 6, 7.
◼ Ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro hangata ke mohato o lebisang libeng tsa ho kopanela liphate.—Jakobo 1:14, 15.
Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li baka tšenyo e tšabehang ho batho ba li lemaletseng. Nahana ka mehlala ena e ’meli feela:
“Ke ile ka qala ho bona litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ke sa le monyenyane haholo, ’me ke ile ka hla ka loana ka thata hore ke tlohelle ho li sheba. Ho se ho fetile lilemo tse ngata ke sa li shebe, empa litšoantšo tseo li haneletse kelellong ea ka. Ho bonahala ho le thata hore motho a khaotse ho nahana ka tsona, ’me ho bonahala ho se mohla letsoalo la hae le hloekileng e le kannete. Ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho u amoha boitlhompho ebile ho etsa hore u ikutloe u le litšila, u se na thuso. Kamehla u ikutloa u jere kilibitla ena ea sephiri.”—Erica.
“Ke qetile lilemo tse leshome ke lemaletse litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, ’me ho se ho fetile lilemo tse 14 ke khaolitse ho li sheba. Empa le kajeno ke ntse ke tlameha ho loana letsatsi le letsatsi. Le hoja takatso ea ho li sheba e se e se matla hakaalo, empa e sa ntse e le teng. Ke sa ntse ke jeoa ke bohelehele. Litšoantšo tseo li sa ntse li le teng kelellong ea ka. Ke lakatsa eka nka be ke sa ka ka kena mokhoeng ona o mobe ka ho fetisisa. Qalong ho ne ho bonahala ho se kotsi. Empa joale kea tseba hore ho kotsi. Ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho kotsi, hoa nyonyeha ’me ho theola seriti sa batho ba li hlahisang le ba li shebang. Ho sa tsotellehe hore na babuelli ba tsona ba ka reng, ha ho letho—ehlile ha ho letho—le molemo ka litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro.”—Jeff.
Hlahloba Maemo
U ka qoba joang hore esita le ka tšohanyetso u se ke ua oelana le litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro? Taba ea pele, hlahloba maemo ka hloko.
Ke hangata hakae u oelanang ka tšohanyetso le litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro?
□ Ha ho mohla □ Ka linako tse ling
□ Beke le beke □ Letsatsi le letsatsi
Hangata u li bona hokae?
□ Inthaneteng □ Sekolong
□ Thelevisheneng □ Linthong tse ling
Na ho na le mokhoa o tšoanang oo li hlahang ka oona?
Nahana ka mehlala e latelang:
Na mohlomong bana ba bang bao u kenang sekolo le bona ba u romela litšoantšo tseo ka e-mail kapa ka cell-phone? Ha u tseba sena u ka ’na ua hlakola melaetsa eo le pele u e bula.
Ha u ntse u sebelisa Inthanete, na litšoantšo li itlhahela feela ha u thaepa mantsoe a itseng k’homphieutheng hore e a batle? Ho tseba hore sena se ka ’na sa etsahala ho ka u thusa hore u thaepe mantsoe a sehlooho a batlang a tobile haholo ha u etsa lipatlisiso.
Ka tlaase mona, ak’u bolele maemo a entseng hore u oelane le litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro.
․․․․․
U nahanne ka maemo ana a ka holimo, ke eng eo u ka ’nang ua e etsa hore u fokotse makhetlo ao u oelanang le litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro? (Ngola seo u se nahanang mona.)
․․․․․
U etsa’ng ha u thulana ka tšohanyetso le litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro?
□ Ke sheba hosele hang-hang
□ Bohelehele bo etsa hore ke li shebe ho se hokae
□ Ke tsoela pele ke li shebile ebile ke batla tse ling hape
Haeba u tšoaile karabo ea bobeli kapa ea boraro, u ka ikemisetsa ho etsa’ng tabeng ee?
․․․․․
Ho Itokolla Mokhoeng Ona
Ba bang ba thulanang le litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ba sa ikemisetsa ba ba bohelehele, ebe ka mor’a nako e itseng ba se ba tloaela ho li sheba. Ha ho bonolo ho itokolla mokhoeng o joalo. Jeff, eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae pejana, o re: “Pele ke ithuta Bibele, ke ne ke sebelisa haholo hoo e batlang e le mofuta o mong le o mong oa lithethefatsi tse tsebahalang tse seng molaong. Empa mefuteng eo kaofela ea bokhoba, oo ke ileng ka thatafalloa ka ho fetisisa hore ke o tlohele e ne e le oa ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro.”
Haeba u kene ka hlooho mokhoeng oa ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, u se ke ua nyahama. U ka fumana thuso. Joang?
◼ Utloisisa seo litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li hlileng li leng sona. Ha e le hantle ke tsela eo Satane a lekang ka eona ho silafatsa seo Jehova a se entseng se hlompheha. Ho utloisisa sena ka litšoantšo tsena tse manyala ho tla u thusa hore u ‘hloee se sebe.’—Pesaleme ea 97:10.
◼ Nahana ka liphello. Ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho senya manyalo. Ho theola banna le basali seriti. Ho tlotlolla motho ea li shebang. Ke kahoo Bibele e reng: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) Ka tlaase mona ngola tlokotsi e ka ’nang ea u hlahela haeba u ne u ka lemalla ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro.
․․․․․
◼ Etsa boitlamo. Jobo, monna ea tšepahalang o ile a re: “Ke entse qeto e tiileng ea hore nke ke ka talima ngoanana ka ho mo lakatsa.” (Jobo 31:1, Today’s English Version) Ka tlaase mona ke tse seng kae tsa ‘liqeto tse tiileng’ tseo u ka iketsetsang tsona:
□ Ha ke na ho sebelisa Inthanete ha ke le mong ka tlung.
□ Ke tla koala hang-hang litšoantšo tse itlhahelang thoboloko kapa Web site e bontšang litšoantšo tse litšila.
□ Ke tla bua le motsoalle ea hōlileng tsebong haeba ka phoso ke khutlela mokhoeng ona o mobe.
Na ho na le liqeto tse ling tse tiileng tse u ka nahanang ka tsona tse ka u thusang ha u ntse u loantša mokhoa oo oa ho sheba litšoantšo tse manyala? Haeba li teng, li ngole ka tlaase mona.
․․․․․
◼ Rapella taba ena. Mopesaleme o ile a rapela Jehova a re: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.” (Pesaleme ea 119:37) Ruri ho thata ho hanela ntho e ipiletsang ho motho oa moetsalibe. Empa Jehova Molimo o batla hore u atlehe, ’me a ka u fa “matla a fetang se tloaelehileng” e le hore u etse se nepahetseng!—2 Bakorinthe 4:7.
◼ Bua le motho e mong. Na u utloa e le ntho e u soabisang? Mohlomong ho joalo! Empa nahana kamoo u tla imoloha kateng ha u bolella motho e mong. Motho eo u mo phetlelang sefuba a ka ’na a tšoana le “mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Hangata tsela ea bohlokoa ea ho khaotsa mokhoa ona ke hore u be le motho eo u ka mo phetlelang sefuba.
Haeba u tloaetse ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, ngola ka tlaase mona lebitso la motho ea hōlileng tsebong eo u ka ikutloang u phutholohile hore u bue le eena ka taba ena.
․․․․․
Kholiseha hore u ka hlōla mokhoa ona oa ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro. Ha e le hantle, nako le nako ha u sa li shebe, u finyeletse tlhōlo ea bohlokoa. Bolella Jehova ka tlhōlo eo ’me u mo lebohe hore ebe o u file matla. Kamehla u hopole hore u thabisa pelo ea Jehova ha u qoba seoa sena sa ho sheba litšoantšo tse manyala!—Liproverbia 27:11.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.
b Ha ho buuoa ka litšoantšo (lintho) tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho buuoa ka boitsebiso bo totobetseng haholo ka litaba tsa botona le botšehali bo reretsoeng ho tsosa takatso ea moshebelli, ’mali kapa momameli. Bo akarelletsa litšoantšo, se ngotsoeng kapa se mameloang.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li silafatsa se hlomphehang joang?
◼ Ke mehato efe e utloahalang e ka u sireletsang mokhoeng oa ho sheba litšoantšo tse manyala?
◼ U ka thusa ngoan’eno joang ea nang le bothata ba ho sheba litšoantšo tse manyala?
[Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]
Na mohlomong bana ba bang bao u kenang sekolo le bona ba u romela litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ka “cell-phone”?