Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 8/1 maq. 3-7
  • Litšoantšo Tsa Bootsoa—Na li Kotsi Kapa Che?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšoantšo Tsa Bootsoa—Na li Kotsi Kapa Che?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšoantšo tsa bootsoa li ama batho joang?
  • Litšoantšo tsa bootsoa li ama malapa joang?
  • Bibele e re’ng ka litšoantšo tsa bootsoa?
  • Nka Qoba Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro Joang?
    Tsoha!—2007
  • Likotsi Tse Bakoang ke Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro
    Tsoha!—2003
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Qoba Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Qoba Litšoantšo Tse Tsosang Takatso?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 8/1 maq. 3-7

SEHLOOHO SE KA NTLE

Litšoantšo Tsa Bootsoa​—Na li Kotsi Kapa Che?

Kajeno lefatše le kene tloara! litšoantšong tsa bootsoa.a Li ka fumanoa lipapatsong, fesheneng, lifiliming, ’minong le limakasineng haesita le thelevisheneng, lipapaling tsa video, ho li-smartphone, lisebelisoeng tsa elektronike, Liwebsaeteng ’me hona joale, li romellanoa Inthaneteng. Ho bonahala batho ba rata litšoantšo tsena tsa bootsoa haholo. Batho ba bangata libakeng tse ngata ba sheba litšoantšo tsena tsa bootsoa ho feta leha e le neng pele historing.​—Sheba Lebokose le reng “’Nete ka Litšoantšo Tsa Bootsoa.”

Litšoantšo tsa bootsoa li ntse li ea li mpefala. Moprofesa Gail Dines, o re: “Kajeno litšoantšo tsena li se li feteletse haholo hoo tseo ho neng ho nkoa hore li bontša ho kopanela liphate ka tsela e feteletseng le e hlaha li seng li nkoa e le tse tloaelehileng.”

U ikutloa joang ka ho ata ha litšoantšo tsena le tsela eo batho ba li talimang ka eona? Na ho sheba litšoantšo tsa bootsoa ke ho itlosa bolutu, ho kotsi kapa ho tsoa feela hore na motho eena o ho nka joang? Jesu o ile a re: “Sefate se seng le se seng se setle se hlahisa litholoana tse ntle, empa sefate se seng le se seng se bolileng se hlahisa litholoana tse se nang thuso.” (Matheu 7:17) Litšoantšo tsa bootsoa li hlahisa litholoana life? E le hore re fumane likarabo, a re ke re hlahlobe lipotso tsa bohlokoa mabapi le litšoantšo tsa bootsoa.

Litšoantšo tsa bootsoa li ama batho joang?

SEO LITSEBI LI SE BUANG: Litšoantšo tsa bootsoa li etsa batho makhoba hoo litsebi le lingaka tse ling li li bapisang le lithethefatsi.

Brian,b ea neng a lemaletse ho sheba litšoantšo tseo Inthaneteng, o re: “Ho ne ho se na ntho e nthibang. E ne eka ke lefatšeng la litoro. Ke ne ke thothomela ke bile ke opeloa ke hlooho. Ke ne ke batla ho khaotsa empa le ka mor’a lilemo tse ngata, ke ne ke ntse ke li lemaletse.”

Hangata batho ba ratang ho sheba litšoantšo tsa bootsoa ba etsa seo lekunutung. Ha ba batle batho ba tsebe seo ba se etsang ebile ba leshano. Ha ho makatse hore ebe ba bangata ba ikutloa ba batla ho itšehla thajana, e ba batho ba lihlong, ba tepeletseng maikutlong ’me baa halefa. Ka linako tse ling ba ba le maikutlo a ho batla ho ipolaea. Serge ea neng a kopitsa litšoantšo tsa bootsoa founong ea hae hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng, o re: “Ke ne ke se na taba le batho ba bang ’me ke ne ke etsa eng kapa eng ho li fumana. Ke ne ke ikutloa ke se na thuso, ke le molato, ke lahliloe kherehloa ebile ke le lekhoba la tsona. Ke ne ke le lihlong ebile ke tšaba le ho kōpa thuso.”

Esita leha motho a ka bona litšoantšo tsena ka tšohanyetso, liphello e ka ba tse bohloko. Ha a ne a bua ka pel’a komiti ea Senate ea United States, Dr. Judith Reisman, e leng setsebi se ka sehloohong patlisisong e mabapi le litšoantšo tsa bootsoa, o ile a re: “Ha motho a ile a sheba litšoantšo tsa bootsoa ebang o ne a ikemiselitse ho li sheba kapa che, ho thata kapa ha ho khonehe hore a li phumole kelellong ea hae.” Susan ea lilemo li 19, eo ka phoso a ileng a kena Websaeteng ea litšoantšo tsa bootsoa, o re: “Litšoantšo tseo ha li hlakohe ka kelellong ea ka. Li itlhahela feela ke sa lebella. Ke ikutloa eka nke ke ka hlola ke khona ho li tlosa ka ho feletseng.”

SEO E LENG ’NETE: Litšoantšo tsa bootsoa li senya bophelo ba batho ’me li ba etsa makhoba.​—2 Petrose 2:19.

Litšoantšo tsa bootsoa li ama malapa joang?

SEO LITSEBI LI SE BUANG: “Litšoantšo tsa bootsoa li thuha malapa.”​—The Porn Trap, ea Wendy le Larry Maltz.

Litšoantšo tsa bootsoa li senya malapa le manyalo ka ho

  • Etsa hore banyalani ba se ke ba tšepana, ba se ke ba ba le kamano e haufi ’me ba se ke ba ratana.​—Liproverbia 2:12-17.

  • Etsa hore motho e be moithati, a itšehle thajana le hore a se ke a khotsofalla molekane oa hae.​—Baefese 5:28, 29.

  • Etsa hore motho a lule a nahana ka mokhoa o litšila oa ho kopanela liphate le ho ba le takatso e feteletseng.​—2 Petrose 2:14.

  • Etsa hore ba li shebang ba qobelle balekane ba bona ho kopanela liphate ka tsela e sa lokelang.​—Baefese 5:3, 4.

  • Etsa hore ba li shebang ba se ke ba tšepahala ho balekane ba bona ka ho etsa bofebe ka ho toba kapa ka ho li sheba feela.—Matheu 5:28.

Bibele e bolella banyalani hore ba se ke ba ‘sebetsana ka bolotsana’ le balekane ba bona. (Malakia 2:16) Bofebe ke mokhoa o mong oa bolotsana o ka senyang lenyalo oa ba oa baka hore banyalani ba arohane le ho hlalana. Ho arohana ho joalo ho utloisa bana bohloko.

Litšoantšo tsa bootsoa li ka boela tsa senya likelello tsa bana. Brian, eo ho builoeng ka eena pejana, o re: “Ha ke ne ke le lilemo tse ka bang leshome, ha re ntse re bapala boleke-maipatile, ke ile ka oela limakasine tsa ntate oa ka tse neng li bontša litšoantšo tsa bootsoa. Ke ile ka qala ho li sheba ka lekunutu, ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ke ne ke rata ho sheba litšoantšo tse joalo. Eo e ile ea e-ba qaleho ea mokhoa o ileng oa senya bophelo ba ka ho fihlela ke e-ba motho e moholo.” Lipatlisiso li bontša hore litšoantšo tsa bootsoa li ka susumetsa bacha hore ba kopanele liphate ba sa le banyenyane ebile li etsa hore ba hlephe boitšoarong, ba bete ’me li ka boetse tsa etsa hore ba se ke ba tsitsa maikutlong le kelellong.

SEO E LENG ’NETE: Litšoantšo tsa bootsoa li senya kamano eo motho a bang le eona le batho ba bang ’me qetellong li baka bohloko le masisa-pelo.​—Liproverbia 6:27.

Bibele e re’ng ka litšoantšo tsa bootsoa?

LENTSOE LA MOLIMO LE RE: “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna . . . mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.”​—Bakolose 3:5.

Ka mantsoe a bonolo feela, Jehovac Molimo o hloile litšoantšo tsa bootsoa. Hase hobane o tšosoa ke ha batho ba kopanela liphate. O re bōpile re e-na le bokhoni ba ho kopanela liphate ka morero oa hore banyalani ba ithabise, ba atamelane maikutlong le ho thabela ho ba le bana.​—Jakobo 1:17.

Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore Jehova o hloile litšoantšo tsa bootsoa? Nahana ka mabaka ana a ’maloa.

  • O oa tseba hore litšoantšo tsa bootsoa li ka senya bophelo ba rōna.​—Baefese 4:17-19.

  • O oa re rata ’me o batla ho re sireletsa.​—Esaia 48:17, 18.

  • Jehova o batla ho sireletsa manyalo le malapa.​—Matheu 19:4-6.

  • O batla hore re be le boitšoaro bo hloekileng le hore re hlomphe litokelo tsa batho ba bang.​—1 Bathesalonika 4:3-6.

  • O batla hore re hlomphe litho tsa rōna tsa botona kapa tsa botšehali le hore re li sebelise ka tsela e hlomphehang.​—Baheberu 13:4.

  • Jehova oa tseba hore litšoantšo tsa bootsoa li etsa hore batho ba be le pono e fosahetseng, ea boithati le ea bosatane ka ho kopanela liphate.​—Genese 6:2; Juda 6, 7.

SEO E LENG ’NETE: Litšoantšo tsa bootsoa li senya setsoalle sa motho le Molimo.​—Baroma 1:24.

Leha ho le joalo, Jehova o utloela batho ba batlang ho lokoloha litšoantšong tsa bootsoa bohloko. Bibele e re: “Jehova o mohau ’me o mosa, o lieha ho halefa ’me o tletse mosa o lerato. Etsoe o tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.” (Pesaleme ea 103:8, 14) O kōpa ba ikokobelitseng hore ba tle ho eena e le hore ba ka “fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.”​—Baheberu 4:16; sheba lebokose le reng “Ho Lokoloha Bokhobeng ba Litšoantšong Tsa Bootsoa.”

Batho ba bangata ba ’nile ba amohela ho thusoa ke Molimo. Na thuso ea hae e ba tsoela molemo? Hlokomela seo Bibele e se buang mabapi le batho ba ileng ba lahla mekhoa e mebe: “Le hlatsoitsoe hore le hloeke, . . . le halalelitsoe, . . . ho boletsoe hore le lokile ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rōna.” (1 Bakorinthe 6:11) Joaloka Pauluse, batho bao ba ka re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”​—Bafilipi 4:13.

Susan, ea ileng a hlōla bokhoba ba ho sheba litšoantšo tsa bootsoa, o re: “Ke Jehova feela ea ka u thusang hore u lokolohe litšoantšong tsa bootsoa. Haeba u kōpa thuso ea hae le tataiso, u ka amoheleha ho eena. A ke ke a u soetsa.”

Ho Lokoloha Bokhobeng ba Litšoantšo Tsa Bootsoa

Na u tseba motho ea ntseng a loantšana le ho lokoloha bokhobeng ba ho sheba litšoantšo tsa bootsoa? Hlokomela lintho tse ileng tsa thusa batho ba bang ho lokoloha.

1. Rapela Molimo.

“Mohato oa bohlokoa ka ho fetisisa ha motho a batla ho hlōla leraba la litšoantšo tsa bootsoa ke ho rapela hore Jehova a mo thuse.”​—Franz.

Jehova a ka fa motho eo moea o halalelang, a mo matlafatsa hore a ‘rate a be a sebetse.’ (Bafilipi 2:13) Haeba a lumella moea o halalelang hore o mo susumetse, seo se tla mo thusa hore a hlōle “litšusumetso le litakatso” tse fosahetseng.​—Bagalata 5:16, 24.

2. Fumana thuso ho batho ba bang.

“Ha u lemaletse litšoantšo tsa bootsoa, u etsa lintho ka lekunutu ’me u hlajoa ke lihlong hoo u ikutloang eka u ke ke ua khona ho kōpa thuso. U nahana hore u ka khona ho hlōla bothata boo u le mong. Empa seo hase ’nete. U ka khona ho bo hlōla feela ka hore u fumane thuso. Kahoo ke ile ka ikokobetsa ’me ka bolella mosali oa ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ke ile ka boela ka kōpa thuso ho motsoalle oa ka eo ke mo tšepang. E ne e le ntho e boima ka ho fetisisa eo ke ileng ka tlameha ho e etsa, empa ke ile ka fumana thuso eo ke neng ke e hloka.”​—Yoshi.

Ho hlokahala sebete le boikemisetso ha motho a bua le ba bang ka bothata bona. Leha ho le joalo, ke mohato oa bohlokoa hore u hlōle bokhoba boo le ho boela u e-ba le kamano e ntle le ba lelapa le metsoalle. Susan eo ho builoeng ka eena pejana, o re: “Ke ile ka utloa ke imolohile haholo. Ho ne ho le bohloko empa qetellong ke ile ka ikutloa ke e-na le letsoalo le hloekileng ebile ke e-na le khotso.”​—Jakobo 5:16.

3. Tseba lintho tse tsosang litakatso tseo ’me u li qobe.

Ke maemo, menahano kapa maikutlo afe a tsosang litakatso tse fosahetseng? Na ke ho phenya-phenya Inthanete? Na ke ho shebella TV bosiu? Na ke ho bala limakasine? Na ke ho ea lebōpong la leoatle? Na ke ho lapa, ho koata, ho ba mong kapa ho khathala? Sven o re: “Tseba mefokolo ea hao ’me u etse sohle se matleng a hao hore u se ke ua ipeha kotsing.” Jesu o ile a re: “Joale, haeba leihlo leo la hao le letona le etsa hore u khoptjoe, u le honye ’me u le lahlele hōle le uena.”​—Matheu 5:29.

Franz o re: “Ha ke lekeha ho sheba mosali ka ho mo lakatsa, hang-hang ke rapela Jehova ebe ke iqobella ho sheba nģa e ’ngoe.” Mopatriareka ea tšepahalang oa mehleng ea Bibele, Jobo, o ile a re: “Ke entse qeto e tiileng ea hore nke ke ka talima ngoanana ka ho mo lakatsa.”​—Jobo 31:1, Today’s English Version.

4. Matlafatsa kamano ea hao le Jehova.

Franz o phaella ka ho re: “Lula u nahana ka lintho tse hloekileng ’me u lule u tšoarehile ka ho etsa lintho tse amanang le ho ithuta ka Molimo.”

Bibele e re: “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena . . . , ’me Molimo oa khotso o tla ba le lōna.”​—Bafilipi 4:8, 9.

a Poleloana e reng, “litšoantšo tsa bootsoa” e bolela lintho tseo motho a li shebang, a li balang kapa a li mamelang ka morero oa hore li tsose takatso ea ho kopanela liphate. Poleloana eo e ka akaretsa litšoantšo hammoho le boitsebiso bo ngotsoeng kapa bo mameloang.

b Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

c Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.

SEO E LENG ’NETE KA LITŠOANTŠO TSA BOOTSOA

MOTSOTSOANA O MONG LE O MONG: Hoo e ka bang batho ba 30 000 ba kena Liwebsaeteng tse bontšang litšoantšo tsa bootsoa.

MOTSOTSO O MONG LE O MONG: Batho ba sebelisang Inthanete ba ro-mela melaetsa ea e-mail e bontšang litšoantšo tsa bootsoa tse fetang LIMILIONE TSE 1,7.

HORA E ’NGOE LE E ’NGOE: Ho etsoa livideo tsa litšoantšo tsa bootsoa tse PELI tse bontšang ho kopanela liphate ka tsela e feteletseng le e hlaha, United States.

LETSATSI LE LETSATSI: Ka karolelano ho hiroa lifilimi tse bontšang litšoantšo tsa bootsoa tse LIMILIONE TSE PELI United States feela.

KHOELI LE KHOELI: Hoo e ka bang bahlankana ba 9 ho ba 10 le banana ba 3 ho ba 10 ba sheba litšoantšo tsa bootsoa.

SELEMO LE SELEMO: Indasteri ea litšoantšo tsa bootsoa e etsa chelete e ka bang LIRANTA TSE LIBILIONE TSE 800.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela