Likotsi Tse Bakoang ke Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro
BOITSEBISO ba mefuta eohle ba ho kopanela liphate bo fumaneha habonolo thelevisheneng, libaesekopong, livideong tsa ’mino le Interneteng. Na litšoantšo tsee tse manyala tse sa khaotseng ho itšohlometsa likelellong tsa rōna tseo morero oa tsona e leng ho hlephisa boitšoaro, tse bontšang liketso tsa ho kopanela liphate, ha li na kotsi, joalokaha ba bang ba batla hore re lumele joalo?a
Kamoo Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro li Amang Batho ba Baholo Kateng
Ho sa tsotellehe hore na ba buellang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ba re’ng, li ama hampe haholo tsela eo batho ba nkang kamano ea ho kopanela liphate ka eona le boitšoaro bo amehang ho eona. Bafuputsi ba Mokhatlo oa Sechaba oa Liphuputso Tsa Malapa le Thuto ba ile ba etsa qeto ea hore “ha batho ba shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, seo se ba beha kotsing e khōlō ea hore ba be le maikutlo a khelohileng ka kamano ea ho kopanela liphate.” Ho latela tlaleho eo, “maikutlo a fosahetseng ka peto (tumelo ea hore basali ke bona ba etsang hore ba betoe le hore ba thabela ho betoa, le hore batho ba betang ba ntse ba tšoana le ba bang) a atile haholo banneng ba tloaetseng ho shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro.”
Bafuputsi ba bang ba re ho tloaela ho shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho ka sitisa motho ho thabela kamano e haufi-ufi ea lenyalo le molekane oa hae. Dr. Victor Cline, setsebi sa ho thusa ba lemaletseng ho kopanela liphate, o hlokometse hore bothata ke ho lula u shebeletse litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro. Haeba motho a sa ho laole, ho shebella seoelo litšoantšo tsena tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho ka qetella ho hōlile hoo a seng a shebella tse tebileng haholo, tse bontšang liketso tseo e seng tsa tlhaho. O bontša hore sena se ka etsa hore motho a qetelle a kopanela liphate ka tsela e khelohileng. Litsebi tsa boitšoaro le tsona li lumellana le sena. Dr. Cline o tlaleha hore “mokhoa leha e le ofe o khelohileng oa ho kopanela likobo o ka hlaoleloa ka tsela ena . . . le hore o ke ke oa tloha leha motho a se a ka ikutloa a le molato haholo.” Qetellong, moshebelli oa tsona a ka leka ho etsisa lintho tseo e seng tsa sebele tseo a li bonang litšoantšong tseo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, ’me hangata ho be le liphello tse bohloko.
Cline o qeta ka hore bothata bona bo ka qala butle-butle ’me bo sa lemohuoe. O re: “Bo lula bo kekela joaloka kankere. Ke seoelo bo ka khaotsang, ’me ho thata haholo ho bo phekola. Ke ntho e tloaelehileng le e lebeletsoeng hore banna ba lemaletseng seo ba hane ho amohela hore ba na le bothata le ho sebetsana le bona, ’me hangata sena se etsa hore ho be le ho se tšepane ka har’a lelapa, ka linako tse ling ho bake tlhalo, ’me ka linako tse ling ho qhale kamano e haufi eo ba bileng le eona.”
Tšenyo eo li e Bakang Bacheng
Lipalo-palo li bontša hore bashebelli ba ka sehloohong ba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ke bashanyana ba pakeng tsa lilemo tse 12 le tse 17. Ha e le hantle, ho ba bangata litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ke tsona tseo e leng mohloli o ka sehloohong o ba rutang ka ho kopanela liphate. Sena se na le liphello tse mpe haholo. Tlaleho e ’ngoe e re: “Litšoantšong tsena tse manyala tse hlephisang boitšoaro, ha ho ke be ho hlahisoe banana ba banyenyane ba ima kapa mafu a likobo a kang la AIDS, e leng ho fanang ka maikutlo a fosahetseng a hore ha ho na liphello tse mpe ka boitšoaro bo hlahisoang moo.”
Bafuputsi ba bang ba re ho tloaela ho shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho ka boela ha sitisa tsela ea tlhaho ea ho hōla ha boko ba ngoana. Dr. Judith Reisman, mopresidente oa Setsi sa Thuto ea Tsa Phatlalatso o re: “Se hlokometsoeng ka boko ho latela tsela eo bo amohelang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ka eona ho bontša hore ho shebella litšoantšo tse joalo ho kotsi kaha ho fetola tsela e tloaelehileng ea boko ea ho amohela lintho tseo kelello e li utloisisitseng—’me sena se kotsi bokong ba bana [bo ntseng bo hōla] bo ‘tetemang’ kaha ho ba sitisa ho lemoha seo e leng ’nete, ebe ho beha kotsing menahano ea bona le bophelo ba bona bo botle ba ’mele, boiketlo ba bona le ho batla ha bona thabo.”
Kamoo li Amang Likamano Tsa Batho Kateng
Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li fana ka maikutlo a itseng le ho susumetsa boitšoaro. Melaetsa ea tsona ea hohela kaha ke ea lintho tse iqapetsoeng ’me e fetisoa joalokaha eka ke ntho e thabisang ho feta ea sebele. (Bona lebokose le reng “U Tla Amohela Melaetsa Efe?”) Tlaleho e ’ngoe e re: “Batho ba shebellang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ba qetella ba e-na le maikutlo ao e seng a sebele a etsang hore likamano tsa bona li qetelle li senyehile.”
Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li ka etsa hore batho ba se hlole ba tšepana le ho bulelana lifuba, e leng litšobotsi tsa bohlokoa lenyalong. Kaha ha e le hantle litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li shebelloa sephiring, hoo hangata ho lebisa batho ho thetseng ba bang le ho bueng leshano. Balekane ba bona ba ikutloa ba ekiloe. Ha ba utloisise hore na ke hobane’ng ha balekane ba bona ba lenyalo ba se ba sa ba thahaselle.
Likotsi Moeeng
Ho shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho baka tšenyo e khōlō moeeng. E ka ba tšitiso ea sebele ho motho ea batlang ho ba le botsoalle le Molimo.b Bibele e amahanya takatso ea botona kapa ea botšehali le ho chacheha ka mohono le borapeli ba litšoantšo. (Bakolose 3:5) Motho ea chachehelang ho itseng ka mohono o e lakatsa haholo hoo e fetohang ntho e tlang pele bophelong ba hae, e be eona ntho ea bohlokoa ho feta tse ling. Bonneteng, ba lemaletseng ho shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ba nka takatso ea bona ea ho kopanela liphate e le eona e tlang pele ho Molimo. Ka tsela eo, ba rapela litakatso tsa bona. Taelo ea Jehova Molimo e re: “U se ke ua ba le melimo e meng khahlanong le sefahleho sa ka.”—Exoda 20:3.
Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li senya likamano tsa lerato. Moapostola Petrose, eo e neng e le monna ea nyetseng, o ile a khothalletsa banna ba Bakreste hore ba abele basali ba bona tlhompho. Monna ea hlōlehang ho etsa joalo o tla fumana hore lithapelo tsa hae tse eang ho Molimo lia sitisoa. (1 Petrose 3:7) Na ho shebella sephiring litšoantšo tse sa hloekang tsa basali e tla be e le ho hlompha mosali oa hao? O tla ikutloa joang ha a fumana hore u shebella litšoantšo tse joalo? Hona Molimo ea tla “tlisa mosebetsi oa mofuta o mong le o mong kahlolong” le ea ‘lekanyang meea’ o tla nahana eng ka uena? (Moeklesia 12:14; Liproverbia 16:2) Na ea shebellang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro a ka lebella hore Molimo a mamele lithapelo tsa hae?
Ba shebellang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ba tsitlella ho ikhotsofatseng ho sa tsotellehe liphello tsa teng. Ka hona, ho shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ke ho hloka lerato. Ho fokolisa ntoa ea Mokreste ea ho boloka bohloeki le letsoalo le hloekileng la boitšoaro ka pel’a Molimo. Moapostola Pauluse o ngotse: “Sena ke seo Molimo a se ratang . . . hore le ile bohlola; hore e mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong, eseng takatsong ea botona kapa ea botšehali e chachehisang ka mohono . . . , hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea eang ntlheng ea ho ntša kotsi le ho nyonyobela litokelo tsa mor’abo.”—1 Bathesalonika 4:3-7.
Ka ho khetheha, litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li sebelisa basali le bana hampe. Lia ba nyenyefatsa le ho ba tlosa seriti le ho hatakela litokelo tsa bona. Ea shebellang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro o kenya letsoho o bile o tšehetsa tšebeliso eo e mpe ea batho ba bang. Steven Hill le Nina Silver bao e leng bafuputsi, ba re: ‘Ho sa tsotellehe hore na monna o inka e le motho ea molemo hakae, ho rata ha hae litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho etsa hore le tlas’a maemo a matle, e be motho [ea sa nahaneleng], ’me ho hobe le ho feta, ho etsa hore a hloee basali, bona batho bao a ipolelang hore oa ba tsotella.”
Ho Itokolla Tloaelong ea ho Sheba Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro
Ho thoe’ng haeba hona joale u ntse u loana le ho lemalla ha hao litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro? Na ho na le seo u ka se etsang hore u lokolohe? Bibele e fana ka tšepo! Bakreste ba bang ba pele e ne e bile lihlola, bafebi le batho ba meharo pele ba tseba Kreste. Pauluse o itse: “Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke.” Seo se entsoe joang? Oa arabela: “Le halalelitsoe . . . ka moea oa Molimo oa rōna.”—1 Bakorinthe 6:9-11.
Le ka mohla u se ke ua khella fatše matla a moea o halalelang oa Molimo. Bibele e re: “Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang.” Ka sebele, o tla fana ka tsela ea ho tsoa. (1 Bakorinthe 10:13) Thapelo e tiileng—e leng ho bolella Molimo bothata ba hao ka ho phehella—e tla thusa. Lentsoe la Hae lea khothatsa: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.”—Pesaleme ea 55:22.
Ka ho hlakileng, u lokela ho etsa lintho tumellanong le thapelo ea hao. U lokela ho iketsetsa qeto ’me e be e tlohang pelong e le hore u furalle litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro. Motsoalle eo u mo tšepang kapa e mong oa litho tsa lelapa a ka u thusa, a u fa tšehetso eo u e hlokang le ho u khothatsa hore u eme qetong eo u e entseng. (Bona lebokose le reng “Ho Fumana Thuso.”) Ho hopola hore ho nka mohato o joalo ka sebele ho tla thabisa Molimo, ho ka u thusa hore u eme u tiile qetong ea hao. (Liproverbia 27:11) Ho phaella moo, ho tseba hore ho shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho khopisa Molimo, le hona ho ka u susumetsa haholoanyane hore u ho furalle. (Genese 6:5, 6) E ke ke ea e-ba ntoa e bonolo, empa e ka hlōloa. Tloaelo ea ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro e ka hlōloa!
Ho na le likotsi tsa sebele tse bakoang ke ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro. Li kotsi ebile li ka baka tšenyo e khōlō. Li silafatsa ba li etsang le ba li shebang. Li nyelisa banna le basali, li kotsi baneng ’me ke tloaelo e lokelang ho furalloa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo qaqileng ba likotsi tsa litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro tsa Internet, ka kōpo bona lihlooho tse latellanang tlas’a sehlooho se seholo se reng “Litšoantšo Tsa Bootsoa Tse ho Internet—Li na le Kotsi Efe?” tokollong ea Tsoha! ea June 8, 2000, leqepheng la 3-10.
b Bakeng sa boitsebiso bo tšohliloeng tabeng ea hore na pono ea Bibele ke efe ka litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, ka kōpo bona tokollo ea Tsoha! ea July 8, 2002, leqepheng la 13-15.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ho Fumana Thuso
Ntoa ea ho itšoasolla ho shebelleng litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ha ea lokela ho nkoa habobebe; e ka ba ntoa e boima. Dr. Victor Cline, ea phekotseng batho ba bangata ba neng ba lemaletse ho kopanela liphate o re: “Ho fana ka litšepiso ha hoa lekana. Sepheo se setle ha se re letho. [Ea lemaletseng ho kopanela liphate] a ke ke a ithusa ka boeena.” Ho latela Cline, ntho ea bohlokoa e tla etsa hore motho a atlehe ho itšoasolla ke haeba a kopanyelletsa molekane oa hae haeba ke motho ea lenyalong. O re: “O hlaphoheloa ka potlako haeba ka bobeli ba kentse letsoho. Ba lemetse ka bobeli. Ba hloka thuso ka bobeli.”
Haeba motho e le lesoha, hangata a ka tšehetsoa ke motsoalle eo a mo tšepang kapa ke setho se seng sa lelapa. Ho sa tsotellehe hore na motho o thusoa ke mang hore a hlaphoheloe, Cline o na le molao o sa fetoheng: Bua u lokolohile ka bothata ba hao le linako tseo ka tsona u ileng ua oela bothateng boo hape. O re: “Makunutu ‘aa u bolaea.’ A etsa hore u hlajoe ke lihlong le ho ikutloa u le molato.”
[Chate e leqepheng la 25]
U Tla Amohela Molaetsa Ofe?
Molaetsa oa Litšoantšo Tse
Manyala Tse Hlephisang
Boitšoaro Pono ea Bibele
◼ Ha ho phoso ebile ha ho ◼ “Lenyalo le ke le
na kotsi ho kopanela liphate hlomphehe har’a bohle,
le motho leha e le ofe, ka le liphate tsa lenyalo
nako leha e le efe, tlas’a li hloke litšila, kaha
maemo leha e le afe. Molimo o tla ahlola
lihlola le bafebi.”
“Ea tloaetseng ho etsa
bohlola o siteloa ’mele
oa hae.”—1 Bakorinthe 6:18;
bona hape le Baroma 1:26, 27.
◼ Lenyalo le sitisa motho ◼ “U thabe le mosali oa
ho ikhotsofatsa ka ho bocha ba hao . . . E se eka
feletseng tabeng ea ho ka lerato la hae u ka ba
kopanela liphate. boikutlong bo matla ba
nyakallo kamehla.”
bona hape le Genese 1:28; 2:24;
◼ Morero oa basali o mong ◼ “[’Na Jehova Molimo] ke tla
feela—ke ho khotsofatsa mo etsetsa mothusi, e be
banna tabeng ea ho kopanela motlatsi oa hae.”
liphate. —Genese 2:18;
bona hape le Baefese 5:28.
◼ Banna le basali ke ◼ “Ka hona, le bolaee litho
makhoba a litakatso tsa bona tsa ’mele ea lōna tse
tsa ho kopanela liphate. lefatšeng mabapi le bohlola,
ho se hloeke, takatso ea botona
kapa ea botšehali, takatso e
kotsi, le ho chacheha ka mohono, e
leng borapeli ba litšoantšo.”
“E mong le e mong oa lōna a tsebe
ho ruela sejana sa hae
khalaletsong le tlhomphong.”
Talima “basali ba baholo joaloka
bo-’mè, basali ba bacha joaloka
likhaitseli tsa hao ka tlhoeko
eohle.”—1 Timothea 5:1, 2;
bona hape le 1 Bakorinthe 9:27.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Bafuputsi ba bang ba re ho tloaela ho shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho ka sitisa tsela ea tlhaho ea ho hōla ha boko ba ngoana
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li ka etsa hore balekane ba se tšepane le ho bua ka tsela e lokolohileng lenyalong
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ho rapela ka tieo hoa thusa