Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa November
“Na u bona eka batho ba lekang ho mamela Molimo ba thabile ho feta ba bang? [Emela karabo.] Makasine ena e na le lintlha tse khahlisang tabeng ena.” Ebe u fa motho eo u buisanang le eena Molula-Qhooa oa November 1, ’me u bale u be u tšohle boitsebiso bo ka tlas’a sehloohoana se seng leqepheng la 16 le la 17. Bala e ’ngoe ea litemana tse bontšitsoeng. Mo siele limakasine, ebe u lokisetsa ho khutla e le hore le tšohle potso e latelang.
Molula-Qhooa November 1
“Batho ba bang ba nahana hore seo Bibele e se buang ka ho kopanela liphate se siiloe ke nako ebile Bibele e thatafatsa lintho ho sa hlokahale. Ba bang bona ba lumellana le Bibele. Uena u re’ng? [Emela karabo.] Bona hore na makasine ena e re melao ea Bibele e tsoa ho mang. [Bala 2 Timothea 3:16.] Makasine ena e bontša kamoo Bibele e arabang lipotso tse leshome tseo batho ba atisang ho li botsa ka ho kopanela liphate. E boetse e hlalosa kamoo melao ea Bibele e re tsoelang molemo kateng.”
Tsoha! November
“Ha u talimisisa pōpo eohle e u potolohileng, u fihlela qeto efe—ea hore ho na le ’Mōpi kapa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bile teng ka tsietsi? [Emela karabo.] Mongoli e mong oa Bibele o ile a etsa qeto ena ha a talima pōpo. [Bala Baroma 1:20.] Makasine ena e hlalosa seo bo-rasaense ba ithutileng sona ka sele ea motho, e leng se re hlahang leseling mabapi le taba ena.”