Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa November
“Ke kōpa u ele hloko potso ena e thahasellisang. [Bala potso ea pele e hlahang leqepheng le ka morao la Molula-Qhooa oa November 1.] Maikutlo a hao ke afe ka eona? [Bala lirapa tse peli tse tlas’a potso eo ebe bonyane u bala lengolo le le leng ho a bontšitsoeng.] Na nka khutla e le hore re tl’o tšohla hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a tsosa batho bao le hore na see se bolela’ng ho rōna?”
Molula-Qhooa November 1
“Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse mpe tse ngata hakaale lefatšeng? [Emela karabo.] Bibele e hlalosa lebaka ho Tšenolo 12:9. [E bale.] Leha ho le joalo, temana ea 12 e re fa tšepo. [Bala Tšenolo 12:12.] Haufinyane tšusumetso e mpe ea Satane e tla fela. Sehlooho sena se reng ‘Na re Lokela ho Tšaba Satane?’ se bua ka hore na re ka itšireletsa joang tšusumetsong ea hae hona joale le hore na ho tla etsahala’ng ka Satane. Makasine oa hao ke ’ona.”
Tsoha! November
“Motho e mong le e mong o batla ho thaba, empa ba bangata kajeno ha baa thaba. U nahana hore ke eng e etsang hore motho a thabe e le kannete? [Emela karabo.] Ke hlokometse hore Bibele e thusa batho hore ba thabe. Ka mohlala, hlokomela molao-motheo ona oa Bibele. [Bala Baheberu 13:5.] Makasine ona o totobatsa lintho tse ’nè tsa bohlokoa tseo Bibele e reng li etsa hore motho a thabe.”