Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa April
“Re khothalletsa baahelani ba rōna hore ba ithute Bibele. Empa batho ba bangata ba nahana hore Bibele e thata. Na le uena u nahana joalo? [Emela karabo.] Hlokomela hore na ho thoe’ng mona.” Mo bontše leqephe le ka morao la Molula-Qhooa oa April 1, ebe le buisana ka lintlha tse tlas’a potso ea pele ʼme ka mor’a moo le tšohle bonyane lengolo le le leng ho a bontšitsoeng. Mo siele limakasine, ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tl’o tšohla potso e latelang.
Molula-Qhooa April 1
“Motho e mong le e mong eo re buang le eena o loana le mathata. Sena se etsa hore batho ba bang ba ipotse hore na morero oa bophelo ke ofe. U ka re ntho e khōlō ka ho fetisisa e sitisang batho ho thaba ke efe kajeno? [Emela karabo.] Bibele e re tšepisa hore haufinyane Molimo o tla tlosa mathata ʼohle ao re nang le ʼona. [Bala Tšenolo 21:4.] Makasine ena e bua ka hore na bophelo bo tla ba joang nakong e tlang le hore na re ka fumana morero oa bophelo joang hona joale.”
Tsoha! April
“Tlhekefetso ea ka lapeng ke kobo-anela lefatšeng. Batho ba bang ba re sena se bakoa ke setso sa motho, lelapa leo a tsoang ho lona le boithabiso bo mabifi. U nahana hore lebaka le ka sehloohong la tlhekefetso ea ka malapeng ke lefe? [Emela karabo.] Bibele e bontša kamano e nepahetseng e lokelang ho ba teng pakeng tsa monna le mosali. [Bala Baefese 5:33.] Makasine ena e bontša kamoo ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho thusitseng malapa a mangata hore a se ke a qhalana.”