Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa April 1
“Batho ba bang ba lumela hore bokamoso ba rōna bo reriloe esale pele, ha ba bang ba nahana hore re ka ikhethela hore na bophelo ba rōna bo felle joang. U ikutloa joang ka seo? [Emela karabo.] Hlokomela mantsoe ana a thahasellisang. [Bala Moeklesia 9:11.] Sehlooho sena se tšohla karabo ea Bibele potsong e reng, ‘Na qetello ea rōna e reriloe esale pele?’” Buella sehlooho se leqepheng la 26.
Tsoha! April
“Manyalo a mangata a fella ka tlhalo ka lebaka la ho se tšepahale. Na u bona eka ho sebelisa se boletsoeng temaneng ee ho ka etsa hore manyalo a tšoarelle? [Bala Matheu 5:28. Ebe u emela karabo.] Sehlooho sena se sebelisa Bibele ho thusa banyalani hore ba qobe leraba la ho se tšepahale.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 28.
Molula-Qhooa May 1
“U bona eka ke eng e ka etsang hore ho be thata hore motho a be le tumelo ho Molimo? [Emela karabo.] Ho ea ka temana ena, tumelo ke ea bohlokoa. [Bala Baheberu 11:6.] Makasine ena e tšohla lintho tse ’nè tseo re ka li etsang ho matlafatsa tumelo ea rōna.”
Tsoha! May
“Batho ba sebelisang meriana ea ngaka hampe ba ntse ba eketseha. U bona eka lebaka la see ke lefe? [Emela karabo.] Bibele e bontša lebaka le leholo la sena, haholo-holo baneng. [Bala Liproverbia 13:20.] Makasine ena e hlalosa kamoo u ka itšireletsang le ho sireletsa lelapa la hao seoeng sena.”