Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa February 1
“Boholo ba rōna re litho tsa malumeli a itseng. Na u bona eka Molimo oa tsotella hore na re khetha ho mo rapela joang? [Emela karabo. Ebe u bala Matheu 15:9.] Sehlooho sena se tšohla lintlha tse ’nè tseo Jesu a itseng re tla tseba bolumeli ba ’nete ka tsona.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 16.
Tsoha! February
“Batho ba bang ba lumela hore ho na le ’Mōpi, ha ba bang ba re tumelo e joalo ha e lumellane le saense ebile ha e utloahale. Uena u re’ng ka taba ee? [Emela karabo.] Ho latela Bibele, tumelo ea ’nete e lokela ho ba le bopaki bo e tšehetsang. [Bala Baheberu 11:1.] Sehloohong sena ho tšohloa bopaki bo bong ba hore ho na le ’Mōpi.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 22.
Molula-Qhooa March 1
“Na u nka hore Bibele ke Lentsoe la Molimo kapa u e nka e le buka feela tjee e molemo? [Emela karabo.] Hlokomela hore na Bibele e re’ng ka taba ena. [Bala 2 Timothea 3:16, 17.] Makasine ena e tšohla lintlha tse re thusang hore re be le tsebo pele re ka etsa qeto tabeng ena le hore na ke hobane’ng ha sena e le sa bohlokoa.”
Tsoha! March
“Mohlomong le uena u e mong oa batho ba bangata ba tsotang botle ba tlhaho. Na ua lumela hore tlhaho e bontša hore e qapiloe ka bohlale? [Emela karabo. Ebe u bala Pesaleme ea 104:24.] Makasine ena e fana ka mehlala e thahasellisang ea lintho tsa tlhaho tse qapiloeng ’me e bontša hore na re ithuta’ng ho tsona.”