Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa May 1
“Na bophelo lefatšeng bo ke ke ba fetoha haeba e mong le e mong a mamela mantsoe aa a Jesu? [Bala Matheu 7:12. Ebe u emela karabo.] Sehlooho sena se tšohla lithuto tse ling tsa Jesu tse bontšang hore na ho ba Mokreste ho hlile ho bolela’ng.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 16.
Tsoha! May
“Na u bona eka moruo o tla ntlafala haufinyane? [Emela karabo.] Ba bangata ha ba tsebe hore na Bibele e ka re thusa joang linakong tsena tse thata. [Bala lengolo le hlahang sehloohong.] Sehlooho sena se bontša kamoo keletso ea Bibele e ka re thusang ha re tobane le maemo a moruo a sa tsitsang.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 18.
Molula-Qhooa June 1
“Ho fapana le lilemong tse fetileng, kajeno likereke tse ngata ha li sa bua ka sebe. Na u lumela hore maikutlo a hore ketso e itseng ke sebe a siiloe ke nako, kapa na ho hlokahala hore re tšoenyehe ka sona? [Emela karabo. Ebe u bala Baroma 5:12.] Makasine ena e tšohla seo Bibele e se buang ka sebe.”
Tsoha! June
“Ho bonahala eka bophelo bo ntse bo thatafala le ho feta. Na ha ho joalo? [Emela karabo.] Ba bangata ba lumela hore mantsoe ana a hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho e-na le lintho tse ngata hakana tse imelang batho kelellong. [Bala 2 Timothea 3:1.] Makasine ena e bontša hore na ho imeloa kelellong ho re ama joang. E boetse e fana ka likeletso tsa seo re ka se etsang e le hore re se ke ra imeloa kelellong ka ho feteletseng.”