Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa March 1
“Ha ho bonolo ho etsa se nepahetseng ha batho ba u hatella hore u etse se fosahetseng. U bona eka re ka thusoa ke eng hore re se ke ra inehela? [Emela karabo. Ebe u bala Liproverbia 29:25.] Sehlooho sena sa bohlokoa se fana ka mabaka a mahlano a hore re tšabe ho utloisa Molimo bohloko ho e-na le motho.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 12.
Tsoha! March
“Kaofela re thabela ho ba le metsoalle e molemo. U rata motsoalle ea joang? [Emela karabo.] Hlokomela hore Bibele e re o joang. [Bala Liproverbia 17:17.] Sehlooho sena se na le likeletso tsa ho khetha metsoalle e molemo le kamoo u ka bang motsoalle ea molemo.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 18.
Molula-Qhooa April 1
“Nka thabela ho utloa maikutlo a hao ka mantsoe ana a Jesu. [Bala Johanne 3:3.] U ka re ho tsoaloa hape ho bolela’ng? [Emela karabo.] Ho utloisisa hantle mantsoe a Jesu ho tla ama bophelo ba rōna le tšepo ea rōna ka bokamoso. Makasine ena e hlalosa lebaka.”
Tsoha! April
“Ho bonahala bana ba bangata ba kenang sekolo ba imetsoe kelellong. Na u bona eka lintho ha li sa tšoana le mehleng ea batsoali ba bona? [Emela karabo.] Ho imeloa kelellong ho sa hlokahale ho ka ba le liphello tse kotsi. [Bala Moeklesia 7:7a.] Makasine ena e bontša kamoo batho ba baholo ba ka thusang bana hore ba sebetsane le boemo bona.”