Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa March 1
Bala Exoda 20:15. Ebe u re: “Le hoja batho ba bangata ba leka ho boloka molao ona, ba bang ba nka hore ha ho phoso hore motho a utsoe ’me a se ke a tšepahala ha a le mathateng. Uena u re’ng ka see? [Emela karabo.] Sehlooho sena se tšohla melemo ea hore motho a lule a tšepahala.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 12.
Tsoha! March
“Batho ba bangata ba hlompha Bibele empa ba nahana hore ha e na thuso kajeno. Uena u re’ng ka see? [Emela karabo. Ebe u bala Baroma 15:4.] Sehlooho sena se bontša hore na ke hobane’ng ha esita le likarolo tsa khale tsa Bibele e ntseng e le tsa bohlokoa.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 28.
Molula-Qhooa April 1
“Ha batho ba bangata ba botsoa hore na motho ea hlaheletseng ka ho fetisisa paleng ea motho ke mang, ba re ke Jesu. Na u lumellana le bona? [Emela karabo.] Bona hore na ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba maikutlo a mangata a sa tšoaneng ka eena e le hore re fumane a nepahetseng. [Bala Johanne 17:3.] Molula-Qhooa ona o khethehileng o bontša hore na Bibele e re’ng ka Jesu le ka lithuto tsa hae.”
Tsoha! April
“Ho bonahala re se na nako e lekaneng ea ho etsa lintho tsohle tseo re ka ratang ho li etsa. Na ha ho joalo? [Emela karabo.] Batho ba bangata ba fumane keletso ena e le molemo. [Bala Bafilipi 1:10.] Makasine ena e fana ka likeletso tse re thusang ho sebelisa nako ea rōna hamolemo.”