Tsela ea ho Buella Limakasine
The Watchtower February 1
“Na u lumela hore Molimo o araba lithapelo tsohle? [Emela karabo.] Hlokomela hore na Jesu o itseng tabeng ena. [Bala Matheu 6:7.] Sehlooho sena se thahasellisang se na le likarabo tse tsoang ka Bibeleng tsa lipotso tse ’nè tse atisang ho botsoa mabapi le thapelo.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 16.
Awake! February
“Batho ba bangata ba lumela hore bokamoso ba rōna bo reriloe esale pele. U ikutloa joang ka seo? [Emela karabo.] Ho ea ka temana ena, khetho ke ea rōna. [Bala Deuteronoma 30:19.] Sehlooho sena se hlalosa pono ea Bibele mabapi le hore na bokamoso ba rōna bo reriloe esale pele.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 12.
The Watchtower March 1
“Na u bona eka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang bophelong e reriloe esale pele? [Emela karabo.] Hlokomela hore na Bibele e re’ng. [Bala Moeklesia 9:11.] Makasine ena e hlalosa hore, le hoja Molimo a rerile esale pele hore ho be le bokamoso bo khanyang lefatšeng, o fa e mong le e mong oa rōna monyetla oa ho khetha seo a batlang ho se etsa bophelong.”
Awake! March
“Kajeno batho ba bangata ba tšoenyehile ka chelete, haholo-holo linakong tsena tse thata moruong. Na ha ho joalo? [Emela karabo.] Hlokomela keletso ena e utloahalang. [Bala 1 Timothea 6:8, 10.] Makasine ena e tšohla e meng ea melao-motheo ea Bibele e ka re thusang ho baballa lichelete tsa rōna ka tsela e tla re imolla kelellong.”