Na ke ho Utloahalang ho Lumela ho Molimo?
NA U kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho tloha ka likaroloana tsa athomo ho ea lihlopheng tse khōlō tsa linaleli, e laoloa ke melao e tobileng ea lipalo? Na u kile ua nahana ka bophelo ka bobona—kamoo ho nang le lintho tse ngata tse phelang tse sa tšoaneng, tse rarahaneng le tsela e hlollang eo li entsoeng ka eona? Ba bangata ba re bokahohle le lintho tse phelang ho bona li bile teng ka tšohanyetso le ka ho iphetola ha lintho. Ba bang ba re li entsoe ke ’Mōpi ea bohlale. Lintlheng tsee, u nka hore ke efe e utloahalang?
Ho hlakile hore ho ameha tumelo lintlheng tseo ka bobeli. E le hore motho a lumele ho Molimo, ho hlokahala hore a be le tumelo. Joalokaha Bibele e bolela, “ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe.” (Johanne 1:18) Ka ho tšoanang, ha ho motho ea boneng ha ho bōptjoa bokahohle kapa ha bophelo bo qala. Ebile ha ho motho ea kileng a bona ntho e phelang e iphetola hore e be ea mofuta o mong o e phahametse, kapa hore e be ntho e ’ngoe e fapaneng. Litlaleho tsa mesaletsa ea boholo-holo li bontša hore lihlopha tse hlaheletseng tsa liphoofolo li hlahile ka tšohanyetso ’me li lutse li sa fetohe.a Ka hona, potso e ka sehloohong ke ena: Ke hofe ho nang le motheo o tiileng pakeng tsa ho lumela hore lintho li bile teng ka ho iphetola le hore li entsoe ke ’Mōpi?
Na Tumelo ea Hao e Thehiloe Bopaking bo Tiileng?
Bibele e re “tumelo” ea sebele ke “bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheberu 11:1) Bibele—Phetolelo e Ncha e fetolela temana ena tjena: “Tumelo . . . ke ho kholiseha ka tse e-song ho bonoe.” Ha ho pelaelo hore ho na le lintho tse ngata tsa sebele tse sa bonoeng, tseo u ka nahanang ka tsona ’me u li lumela ka tieo.
Ka mohlala: Bo-rahistori ba bangata ba hlomphehang ba lumela hore Alexandere e Moholo, Juliase Cesare le Jesu Kreste ba kile ba phela. Na bo-rahistori baa ba na le motheo o utloahalang oa ho lumela see? E, ba na le oona kaha ba ka supa bopaki bo ka tšeptjoang ba histori.
Bo-rasaense le bona ba lumela lintho tsa sebele tse sa bonoeng ka lebaka la “bopaki bo totobetseng” ba hore li teng. Ka mohlala, Dmitry Mendeleyev, e leng setsebi sa k’hemistri sa Lerussia sa lekholong la bo19 la lilemo, o ile a hlolloa ke kamano e teng pakeng tsa likarolo tsa motheo tse etsang bokahohle. O ile a hlokomela hore li na le lintho tse itseng tse tšoanang le hore li ka hlophisoa ka boima ba liathomo le lik’hemik’hale tsa tsona. Kaha o ne a kholisehile ke tsela eo a li hlophisitseng ka eona, o ile a etsa lethathamo la tsona ’me ka nepo a bolela esale pele hore ho na le lik’hemik’hale tse ling tse ngata, tse neng li sa tsejoe ka nako eo.
Baepolli ba lintho tsa khale ba etsa qeto ea kamoo batho ba mehleng ea pele ba neng ba phela ka eona, hangata ba itšetlehile ka lintho tse qetileng lilemo tse likete li epetsoe. Ka mohlala, a re nke hore moepolli oa lintho tsa khale o epolotse majoe a mangata a betliloeng hantle a bileng a lekanang ka boholo ’me a kolohantsoe ka makhethe. Majoe ao a boetse a behiloe ka tsela e ikhethang eo ho bonahalang hore hase ea tlhaho. Moepolli eo o tla etsa qeto efe? Na a ka re seo se etsahatse ka tšohanyetso? Che. Ho e-na le hoo, a ka hlalosa seo e le bopaki ba lintho tseo batho ba li entseng nakong e fetileng ’me eo e tla be e le qeto e utloahalang.
Tumellanong le seo, na ha rea lokela ho latela monahano o tšoanang tabeng ea boqapi bo bonahalang linthong tsa tlhaho? Batho ba bangata ba nahana joalo, ho akarelletsa le bo-rasaense ba hlomphehang.
Na bo Bile Teng ka Tšohanyetso Kapa bo Qapiloe ka Morero?
Lilemong tse fetileng, Sir James Jeans, e leng setsebi sa lipalo le sa fisiks sa Lebrithani ebile e le setsebi sa linaleli, o ile a ngola hore ka lebaka la tsebo e tsoetseng pele litabeng tsa saense, “joale bokahohle bo qala ho bontša hore bo nahannoe ka hloko ho fapana le ho ba mochine o moholo feela.” O ile a boela a re “ho bonahala eka bokahohle bo entsoe ke setsebi se hloahloa sa lipalo” ’me seo se fana “ka bopaki ba boqapi kapa matla a laolang a tšoanang le a likelello tsa rōna.”
Ho tloha ha Jeans a ne a ngola mantsoe ao, bo-rasaense ba bang le bona ba fihletse qeto e tšoanang. Setsebi sa fisiks se bitsoang Paul Davies se ile sa ngola, sa re: “Tsela eo bokahohle bo hlophisitsoeng ka eona e entse hore litsebi tse ngata tsa linaleli tsa mehleng ea kajeno li lumele hore bo qapiloe.” Albert Einstein, e leng se seng sa litsebi tse tummeng ka ho fetisisa sa fisiks le sa lipalo, o ile a ngola a re: “’Nete ea hore re khona ho utloisisa se etsahalang linthong tsa tlhaho, ke mohlolo.” Ho batho ba bangata, mohlolo oo o akarelletsa bophelo ka bobona, ho qala ka likaroloana tsa bona tsa motheo ho ea bokong ba motho bo hlollang.
DNA le Boko ba Motho
DNA ke liphatsa tsa lefutso tse teng linthong tsohle tse nang le lisele le motheo oa limolek’hule tsa lefutso.b Asiti ena e rarahaneng e ’nile ea tšoantšoa le paterone kapa risepe, kaha DNA e na le boitsebiso bo bongata lik’hemik’haleng tsa eona ’me bo bolokiloe ka har’a limolek’hule tse khonang ho utloisisa litaelo tse boitsebisong boo le ho li latela. DNA e na le boitsebiso bo bokae? Buka e ’ngoe e re haeba likaroloana tsa eona tsa motheo tse bitsoang li-nucleotide, li ne li ka ngoloa ka litlhaku tsa alfabeta, li ne li tla “tlala buka e maqephe a fetang a milione.”
Linthong tse ngata tse phelang, DNA e ka har’a mekotlana ea liphatsa tsa lefutso e bitsoang li-chromosome, e bolokehileng hantle ka har’a motheo ka mong oa sele. Motheo oa sele oona, ka karolelano o bophara ba limaekromithara tse ka bang hlano. Ak’u nahane ka sena—boitsebiso bohle bo hlahisang ’mele oa hao o ikhethang bo ka har’a mekotlana e menyenyane hoo e lokelang ho shejoa ka mochine o hōlisang ponahalo ea lintho tse nyenyane! Joalokaha rasaense e mong a boletse ka nepo, lintho tse phelang li na le “tsela ea ho boloka boitsebiso bo bongata sebakeng se senyenyane le bokhoni ba ho bo hopola.” Seo sea hlolla ha u nahana ka matla a ho hopola ao lik’homphieutha, li-DVD le lintho tse ling tse joalo li nang le ’ona! Ho feta moo, ha re tsebe sohle ka DNA. Makasine ea New Scientist e re: “Ha batho ba sibolla lintho tse ling, ba fumana tse ncha tse rarahaneng.”c
Na ke ho utloahalang ho hlalosa hore boqapi le tlhophiso e phethahetseng joalo li bile teng ka tšohanyetso? Haeba u ne u ka thola buka e khōlō e maqephe a limilione, e hlalosa lintho tse thata tsa theknoloji ’me e ngotsoe hantle ka ho hlaka, na u ne u tla etsa qeto ea hore buka eo e ingotse? U ne u tla re’ng teng haeba buka eo e le nyenyane haholo hoo u lokelang ho sebelisa mochine o hōlisang ponahalo ea lintho ho e bala? Hona u ne u ka re’ng haeba e na le litaelo tse tobileng tsa ho etsa mochine o bohlale, o nang le likarolo tse libilione, o khonang ho itokisa, ho inchafatsa ’me likarolo tseo kaofela li ile tsa lokela ho kopanngoa hantle ka nako e loketseng le ka mokhoa o nepahetseng? Ke ’nete hore le hanyenyane feela u ne u ke ke ua nahana hore buka eo e bile teng ka tšohanyetso.
Ka mor’a hore a hlahlobe phuputso e ntseng e etsoa ea kamoo sele e sebetsang kateng, rafilosofi oa Lebrithani ea bitsoang Antony Flew, eo ka nako e ’ngoe a neng a li hula pele tabeng ea ho latola hore Molimo o teng, o ile a re: “Tsela e rarahaneng ka ho hlollang eo ho hlokahalang hore lintho li hlophisoe ka eona e le hore (bophelo) bo be teng, [e bontša] hore e tlameha ebe ho bile le motho ea itseng ea bohlale ea e entseng.” Flew o lumela hore “batho ba lokela ho sala taba ena morao ho sa tsotellehe hore na e ba lebisa qetong efe.” Sena se ile sa etsa hore a fetole monahano ka ho feletseng, hoo hona joale a lumelang hore Molimo o teng.
Boko ba motho le bona bo etsa hore bo-rasaense ba bangata ba hlolloe. Boko boo e leng sehlahisoa sa DNA, bo ’nile ba hlalosoa e le “ntho e rarahaneng ka ho fetisisa bokahohleng.” Esita le k’homphieutha e tsoetseng pele ka ho fetisisa hase letho ha e bapisoa le lisele tsena tse bopinki bo lerootho, tse boima ba lik’hilograma tse ka bang 1,3 le likarolo tse ling tsa boko. Setsebi se seng sa tšebetso ea methapo ea kutlo se re ha bo-rasaense ba ntse ba ithuta ka ho eketsehileng ka boko le kelello, ba hlokomela “kamoo e hlollang ba bileng ba sa tsebeng lintho tse ngata kateng.”
Ak’u nahane ka sena: Boko bo re nolofalletsa ho hema, ho tšeha, ho lla, ho rarolla lintho tse rarahaneng, ho etsa lik’homphieutha, ho palama baesekele, ho ngola lithothokiso le ho hlolloa ha re shebile leholimo bosiu. Ha e le hantle, na ke ho utloahalang le ho loketseng hore lintho tsena tse bontšang bokhoni le matla li bile teng ka tšohanyetso, ka ho iphetola ha lintho?
Tumelo e Thehiloeng Bopaking
E le hore re ikutloisise, na le rōna re lokela etsisa batho ba lumelang hore lintho li iphetotse, ka hore re shebe linthong tse kang litšoene le liphoofolo tse ling? Kapa na re lokela ho botsa Molimo? Ke ’nete hore ho na le moo re tšoanang le liphoofolo teng. Ka mohlala, re lokela ho ja, ho noa le ho robala ’me re khona ho ba le bana. Empa re ikhetha ka litsela tse ngata. Ha re nahana ka mabaka a fanoeng, rea bona hore litšobotsi tse ikhethang tseo re nang le tsona li tsoa ho Ea re phahametseng, e leng Molimo. Bibele e opile khomo lenaka ha e re Molimo o entse batho ka “setšoantšo sa hae” litabeng tsa boitšoaro le tsa moea. (Genese 1:27) Re u khothalletsa hore u nahane ka litšobotsi tsa Molimo, ’me tse ling tsa tsona li tlalehiloe ho Deuteronoma 32:4; Jakobo 3:17, 18; le 1 Johanne 4:7, 8.
’Mōpi oa rōna o re file “matla a kelello” e le hore re batlisise lintho tse re pota-potileng le ho fumana likarabo tse khotsofatsang lipotsong tsa rōna. (1 Johanne 5:20) Tabeng ena, William D. Phillips, eo e leng setsebi sa fisiks a bile a hapile khau ea Nobel, o ile a ngola a re: “Ha ke hlahloba tsela eo bokahohle bo hlophisitsoeng ka eona, batho ba bo utloisisang ka eona le kamoo bo leng botle kateng, seo sea nkholisa hore ho na le motho ea bohlale ea bo qapileng. Kutloisiso ea saense eo ke nang le eona mabapi le ho momahana le ho hlaka ho teng litabeng tsa fisiks e matlafatsa tumelo ea ka ho Molimo.”
Lilemong tse ka bang likete tse peli tse fetileng, motho e mong ea elang hloko lintho tsa tlhaho o ile a ngola, a re: “Litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.” (Baroma 1:20) Mongoli oa mantsoe ao—e leng moapostola oa Mokreste, Pauluse—e ne e le motho ea bohlale le ea rutehileng haholo Molaong oa Moshe. Mabaka ao a neng a lumela ka ’ona a entse hore a lumele hore Molimo o teng, ’me ho rata toka ha mo susumelletsa hore a fe Molimo thoriso e mo loketseng, ka mesebetsi ea hae ea pōpo.
Re tšepa hore le uena u tla bona hore ruri ho lumela ho Molimo ke ntho e utloahalang. Ha e le hantle, ho tšoana le Pauluse le uena u ka ’na ua etsa ho hong ho fapana le ho lumela feela hore O teng. E se eka u ka ananela ka ho eketsehileng—joaloka batho ba bang ba limilione—hore Jehova Molimo ke motho oa moea ea nang le litšobotsi tse ratehang tse amang batho lipelo le tse re atametsang haufi le eena.—Pesaleme ea 83:18; Johanne 6:44; Jakobo 4:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba sehlooho se reng “Na Khopolo ea Hore Lintho li Iphetotse ke ’Nete?” se Tsoheng! ea September 2006.
b DNA e emela deoxyribonucleic acid.
c Ha Charles Darwin a ne a qapa khopolo ea hae ea ho iphetola ha lintho, o ne a sa tsebe kamoo lisele tsa lintho tse phelang li rarahaneng kateng.
[Lebokose le leqepheng la 24]
NA LIKETSO TSE MPE TSA BOLUMELI LI LOKAFATSA HO SE LUMELE HO MOLIMO?
Batho ba bangata ha ba lumele ho ’Mōpi ka lebaka la tlhekefetso le bobolu bo entsoeng ke malumeli a mangata ho theosa le histori. Na lee ke lebaka le utloahalang la ho se lumele ho Molimo? Che. Selelekeleng sa buka ea Antony Flew, e bitsoang There Is a God, Roy Abraham Varghese o re: “Lintho tse feteletseng le liketso tse sehlōhō tse entsoeng ke bolumeli bo hlophisitsoeng, ha ho na moo li amanang teng le ho ba teng ha Molimo, feela joalokaha ho eketseha ha tšokelo ea nyutlelie ho se na moo ho amanang teng le tsela eo matla a khanya a sebetsang ka eona.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Haeba re lumela hore mehaho ea boholo-holo e entsoe ke batho, re lumela hore ke mang ea entseng lintho tsa tlhaho?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Albert Einstein
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
DNA e tšoana le buka e nyenyane haholo e nang le litaelo tse tobileng ho libōpuoa tse bohlale
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Boko ba motho bo ’nile ba hlalosoa e le “ntho e rarahaneng ka ho fetisisa bokahohleng”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]
© The Print Collector/age fotostock