Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/11 maq. 4-6
  • Hlahloba Bopaki

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlahloba Bopaki
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Boitsebiso bo Rarahaneng bo ka Ingola?
  • Ke Mang ea Entseng “Pokello” Ee?
  • Na Ehlile “ke Ntho Feela e se Nang Thuso”?
  • Se Etsoang ke DNA “e se Nang Thuso”
  • Lisele Tsa Hao—Li Jere Boitsebiso bo Hlollang!
    Tsoha!—2015
  • E Nyenyane Empa e Fana ka Mohlala o Thusang
    Tsoha!—1989
  • Bokhoni ba DNA ba ho Boloka Boitsebiso
    Tsoha!—2013
  • Na ke ho Utloahalang ho Lumela ho Molimo?
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 11/11 maq. 4-6

Hlahloba Bopaki

U SEHLEKEHLEKENG se hōle se se nang baahi. Ha u ntse u thatika ka lebōpo la leoatle, u bona lejoe le leholo le ngotsoeng “John 1800.” Na kaha sehlekehleke seo se hōle ebile ha se na baahi, u etsa qeto ea hore mongolo oo e tlameha ebe o ngotsoe ke moea kapa khoholeho e bakiloeng ke metsi? Che! Ka nepo u etsa qeto ea hore ho na le motho ea itseng ea o ngotseng. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore ha ho iketsahalle feela ka tlhaho hore litlhaku le linomoro li ngoloe ka ho hlaka, esita le haeba e le ka puo e ’ngoe. Lebaka la bobeli ke hore polelo e nang le moelelo e bontša hore e tsoa mohloling o bohlale.

Bophelong ba letsatsi le letsatsi, re fumana boitsebiso ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng—bo ngotsoe ka Braille kapa ka litlhaku tsa alfabeta, e le litšoantšo, linoto tsa ’mino, mantsoe a buuoang, puo ea matsoho, bo tla ka maqhubu a seea-le-moea le ka mananeo a rarahaneng a k’homphieutha. Tsela eo boitsebiso bo fetisoang ka eona e ka akarelletsa ho sebelisa khanya, maqhubu a seea-le-moea hammoho le pampiri le enke. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, kamehla batho ba amahanya boitsebiso bo nang le moelelo le kelello e bohlale—ntle le haeba boitsebiso boo bo le seleng e phelang. Ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba re boitsebiso boo bo bile teng feela ka tšohanyetso kapa bo ingotse. Empa na ho joalo? Hlahloba bopaki.

Na Boitsebiso bo Rarahaneng bo ka Ingola?

Hoo e batlang e le seleng e ’ngoe le e ’ngoe e phelang ’meleng oa hao ho na le moralo o bolokiloeng ka hloko o fanang ka litaelo tse hlollang o bitsoang deoxyribonucleic acid, e khutsufatsoang ka hore ke DNA. E ka har’a molek’hule o molelele, o nang le lithapo tse peli tse kang lere e sothehileng. DNA e tšoana le risepe, kapa lenaneo le laolang sebōpeho sa lisele tse libilione tse likete tse teng ’meleng oa hao, khōlo ea tsona, ho li boloka li le boemong le ho ikatisa ha tsona. Likaroloana tsa motheo tsa DNA li bitsoa li-nucleotide. Likaroloana tsena li bitsoa A, C, G le T, ho latela motsoako oa lik’hemik’hale o ho tsona.a Joaloka litlhaku tsa alfabeta, likaroloana tsena tse ’nè li ka kopanngoa ka litsela tse ngata ho etsa “lipolelo”—tsa fana ka litaelo tsa ho ikatisa le ho etsa lintho tse itseng seleng.

Boitsebiso bohle bo bokeletsoeng ka har’a DNA bo bitsoa genome. Tsela eo litlhaku tsa DNA li latellanang ka eona ea ikhetha, kaha DNA e na le boitsebiso ba liphatsa tsa lefutso—’mala oa mahlo, oa letlalo, sebōpeho sa nko le lintho tse ling tse joalo. Ka mantsoe a mang, boitsebiso bona bo ka bapisoa le pokello e khōlō ea lirisepe tsa karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea ’mele oa hao, e leng bona bo etsang hore u be motho ea ikhethang.

“Pokello” ee e khōlō hakae? E na le “litlhaku” kapa li-nucleotide tse ka bang libilione tse tharo. Ho ea ka Human Genome Project, haeba ho ne ho ka thoe li ngoloe fatše, li ne li tla tlala libuka tse 200 tse ngolang mabitso a batho ba nang le lifono tse nang le maqephe a 1 000.

Taba ena e re hopotsa thapelo e hlollang e tlalehiloeng lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng. E fumanoa ka Bibeleng ho Pesaleme ea 139:16, e reng: “Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa, likarolo tsohle tsa lona tsa ngoloa fatše bukeng ea hao.” Ke ’nete hore mongoli oa temana eo o ne a sa nahana ka saense, empa o ile a hlalosa ka tsela e bonolo khopolo e tsotehang ho bontša bohlale le matla a hlollang a Molimo. E fapane hakaakang le mengolo e meng ea bolumeli ea boholo-holo, e tletseng litšōmo le litumela-khoela!

Ke Mang ea Entseng “Pokello” Ee?

Haeba likelello tsa rōna li re bolella hore mantsoe a reng “John 1800” a ngotsoeng lejoeng e tlameha ebe a ngotsoe ke motho ea itseng ea bohlale, na seo ha se bolele hore e tlameha ebe boitsebiso bo rarahaneng le bo nang le moelelo bo ka har’a DNA le bona bo ngotsoe? Etsoe boitsebiso boa tšoana ho sa tsotellehe hore na bo ngotsoe ka tsela efe. Donald E. Johnson, e leng rasaense ea sebetsanang le lik’homphieutha le boitsebiso, o bolela hore melao ea k’hemistri le ea fisiks e sitoa ho hlahisa boitsebiso bo rarahaneng kapa mananeo a ka sebetsanang le boitsebiso bo joalo. Ke ho utloahalang ho nahana hore boitsebiso bo rarahaneng bo tlameha bo ngotsoe ke motho ea bohlale le ho feta. Ngoana a ka ngola “John 1800.” Empa ke motho ea nang le kelello e phahametseng ea batho feela ea ka khonang ho ngola moralo oa bophelo. Ho feta moo, koranta ea Nature e re “ho bonahala eka re ntse re tsoela pele ho lemoha tsela eo lintho tse phelang li rarahaneng ka eona” nako le nako ha ho sibolloa lintho tse ncha.

Ho bolela hore pokello e rarahaneng ea boitsebiso bo ka ho DNA ho iketsahaletse feela ke taba e sa utloahaleng ebileng e hanyetsanang le se etsahalang bophelong.b Ho lumela taba eo ke ho lumela ntho e sa utloahaleng.

Ka linako tse ling, ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba ’nile ba etsa liqeto tseo hamorao ho ileng ha fumaneha hore li fosahetse, e le ha ba leka ho bontša hore Molimo ha a eo. Ka mohlala, nahana ka seo ba bang ba se buang ha ba re hoo e ka bang karolo ea 98 lekholong ea genome ea rōna “ke ntho feela e se nang thuso”—ke pokello ea lirisepe tse nang le mantsoe a libilione a se nang thuso.

Na Ehlile “ke Ntho Feela e se Nang Thuso”?

Ka nako e telele, litsebi tsa baeloji li ne li bolela hore DNA e na le risepe ea ho hlahisa liprotheine feela. Empa ha nako e ntse e ea ho ile ha totobala hore ke karolo ea bobeli feela lekholong e sebetsanang le liprotheine. Morero oa karolo e ’ngoe ea 98 lekholong ea DNA ke ofe? John S. Mattick, e leng moprofesa oa Baeloji ea Limolek’hule Univesithing ea Queensland e Brisbane, Australia, o re ‘hang-hang ho ile ha nkoa hore mohlolo ona oa DNA ke ntho feela e se nang thuso e tlisitsoeng ke ho iphetola ha lintho.’

Rasaense eo ho thoeng ke eena ea qapileng poleloana “‘ntho feela e se nang thuso’ ea DNA” ke ’muelli oa khopolo ea ho iphetola ha lintho ea bitsoang Susumu Ohno. Tokomaneng eo a e ngotseng e nang le sehlooho se reng “Lintho Tse Ngata Tse se Nang Thuso Liphatseng Tsa Rōna Tse ho DNA,” o boletse hore karolo e ’ngoe ea DNA “ke mesaletsa ea liteko tse hlōlehileng tseo tlhaho e neng e li etsa. Lefatšeng ho na le mesaletsa ea lintho tsa khale tse seng li timetse; na ke ho makatsang hore ebe le genome ea rōna e tletse mesaletsa ea liphatsa tse seng li timetse?”

Taba ea hore DNA “ke ntho feela e se nang thuso” e ama joang phuputso e etsoang ka liphatsa tsa lefutso? Wojciech Makalowski, eo e leng setsebi sa baeloji ea limolek’hule o re ho nahana seo “ho thibetse bafuputsi ba bangata ho fuputsa DNA e sa hlahiseng liprotheine [e se nang thuso],” ha e se bo-rasaense ba seng bakae, “ba ileng ba ipeha kotsing ea ho songoa, ka hore ba batlisise lintho tseo batho ba bangata ba sa li khothallang. Ke bona ba entseng hore . . . mathoasong a bo-1990, batho ba qale ho ba le maikutlo a fapaneng ka taba ea hore DNA ke ntho feela e se nang thuso.” O phaella ka hore hona joale litsebi tsa baeloji li nka hore ntho eo ho neng ho thoe ha e na thuso ke “letlotlo la pokello ea liphatsa tsa lefutso.”

Mattick o re khopolo ea hore DNA ke ntho feela e se nang thuso ke mohlala o mong o bontšang hantle se atisang ho etsahala lipatlisisong tsa saense “ho faposa [bo-rasaense] pakaneng ea ho batlisisa seo e leng ’nete.” O re “ho hlōleha ho elelloa liphello tse tlisoang ke sena, e ka ’na ea e-ba e ’ngoe ea liphoso tse khōlō ka ho fetisisa tse ka etsoang baelojing ea limolek’hule.” Ho hlakile hore bafuputsi ba lokela ho itšetleha ka bopaki e le hore ba tsebe seo e leng ’nete tabeng ea saense, eseng hore ba latele bongata. Kahoo, bopaki bo fumanoeng morao tjee bo senola eng ka karolo e phethoang ke DNA “e se nang thuso”?

Se Etsoang ke DNA “e se Nang Thuso”

Fektheri e etsang likoloi e sebelisa mechine ho etsa likarolo tsa eona. Re ka tšoantša likarolo tseo le liprotheine tse ka seleng. Fektheri e boetse e lokela ho ba le mechine le tsela eo e kopanyang likarolo tseo ka eona le batho ba e laolang. Ho etsahala ntho e tšoanang le seleng. Bafuputsi ba re ke hona moo DNA eo ho thoeng ha e na thuso e sebetsang teng. Karolo e khōlō ea eona ke risepe ea limolek’hule tse rarahaneng tse bitsoang RNA (ribonucleic acid), tse phethang karolo ea bohlokoa ho laola tsela eo lisele li hlahang ka eona, li hōlang le eo li sebetsang ka eona.c Joshua Plotkin eo e leng setsebi sa lipalo le baeloji, o boletse sena makasineng e bitsoang Nature: “Boteng ba limolek’hule tsena ka bohona ho bontša hore kutloisiso ea rōna ka lintho tsa motheo . . . e fokola ka tsela e makatsang.”

Fektheri e sebetsang hantle e boetse e hloka mekhoa e atlehang ea puisano. Ho etsahala se tšoanang le seleng. Tony Pawson, eo e leng setsebi sa baeloji ea lisele Univesithing ea Toronto e Ontario, o re: “Tsela eo boitsebiso bo fetisoang ka eona liseleng e hlophisitsoe ka tsela e rarahaneng ho fapana le e bonolo le e tobileng,” e leng se etsang hore tšebetso eo eohle e be e “rarahaneng ka tsela e hlollang” ho feta kamoo pele ho neng ho nahanoa kateng. Ha e le hantle, joalokaha setsebi sa liphatsa tsa lefutso Univesithing ea Princeton se boletse, “lintho tse ngata tse laolang se etsahalang ka seleng e ntse e le sephiri.”

Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ncha e sibolloang ka sele e bontša hore ke ea boemo bo holimo le hore e sebetsa ka tsela e rarahaneng. Joale ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ntse ba khomaretse taba ea hore lintho tse phelang le tsamaiso e rarahaneng ka ho fetisisa ea boitsebiso eo batho ba e tsebang li bile teng ka tšohanyetso, ka ho iphetola ha lintho?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Nucleotide ka ’ngoe e na le e ’ngoe ea lik’hemik’hale tsena tse ’nè: (A) adenine, (C) cytosine, (G) guanine le (T) thymine.

b Ho hlalosoa hore ho iphetola ha lintho ho bile teng ka lebaka la liphetoho tse bang teng linthong tse phelang, e leng se tla hlalosoa ka bokhutšoanyane sehloohong se latelang.

c Phuputso e ’ngoe e sa tsoa etsoa e bontšitse hore limolek’hule tsa RNA tse sa hlahiseng liprotheine li rarahane haholo le hore ha e le hantle lia hlokahala e le hore ho be le khōlo e tloaelehileng. Bafuputsi ba hlokometse hore ha limolek’hule tsena li sa sebetse hantle, boemo boo bo amahanngoa le maloetse a mangata, a kang mefuta e sa tšoaneng ea kankere, psoriasis esita le lefu la Alzheimer. Seo pele ho neng ho thoe “ke ntho feela e se nang thuso” e ka ’na ea e-ba tharollo e ka thusang lingaka ho fumana maloetse a sa tšoaneng le ho a phekola!

[Lebokose le leqepheng la 5]

DNA EA HAO E TELELE HAKAE?

Ha DNA e ka seleng e le ’ngoe ea ’mele oa hao e ka sarolloa, e ka ba bolelele ba limithara tse peli. Ho ea ka likhakanyetso tse ling, ha ho ne ho ka ntšoa DNA e liseleng tse libilione tse likete ’meleng oohle oa hao eaba ea kolokisoa, e ne e ka ’na ea lekana le sebaka se pakeng tsa lefatše le letsatsi ka makhetlo a ka bang 670. Ho haola sebaka seo, motho a tsamaea ka lebelo leo khanya e tsamaeang ka lona, ho ne ho tla mo nka lihora tse ka bang 185.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela