Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/11 maq. 7-9
  • Ke Pono Efe e Utloahalang Haholoanyane?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Pono Efe e Utloahalang Haholoanyane?
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Pono Efe e Lumellanang le Lintlha Tsohle Tse Fumanoeng?
  • Bophelo bo Qalile Joang?
    Lihlooho Tse Ling
  • Na Khopolo ea ho Iphetola ha Lintho e Lumellana le Bibele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Khopolo ea ho Iphetola ha Lintho e Lekhotleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Iphetola Hoa Lintho
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 11/11 maq. 7-9

Ke Pono Efe e Utloahalang Haholoanyane?

HA HO na motho ea boneng ha bophelo bo simoloha holim’a lefatše. Ebile ha ho na motho ea kileng a bona ntho e itseng e phelang e fetoha ntho e ’ngoe—ka mohlala sehahabi se fetoha phoofolo e anyesang.a Kahoo, re lokela ho tšepa bopaki bo fumanehang e le hore re fihlele qeto ea hore na bophelo bo qalile joang. Hape re lokela ho lumela seo bopaki boo bo se bontšang ho e-na le ho batla hore bo be ka tsela eo rōna re batlang hore bo be ka eona.

Leha ho le joalo, batho ba bangata ba latolang boteng ba Molimo ba sheba bopaki bo fanoeng ba saense ka leeme, hobane ba lumela filosofing ea hore lintho tseo ba khonang ho li bona ke tsona tse entseng hore bophelo bo be teng. Richard C. Lewontin ea lumelang khopolo ea ho iphetola ha lintho o ile a ngola a re: “Re entse boitlamo esale pele . . . ba ho lumela ho seo re se bonang feela. Re nka hore seo se nepahetse, kaha re ke ke ra lumela khopolo ea hore Molimo o teng.” Kahoo batho ba lumelang linthong tseo ba li bonang feela ba amohela khopolo e le ’ngoe—e leng khopolo ea ho iphetola ha lintho.

Batho ba bolumeli le bona ba ka ’na ba e-ba le likhopolo tse itseng tse etsang hore ba be le pono e fosahetseng ka saense. Ka mohlala, joalokaha ho boletsoe pejana, batho ba bang ba lumelang hore lintho li bōpiloe ba khomarela khopolo e fosahetseng ea hore Molimo o bōpile lefatše ka matsatsi a tšeletseng a sebele, lilemong tse likete tse ’maloa tse fetileng. Kaha ba se ba entse boitlamo esale pele, ba leka ho qobella lintho hore li lumellane le tsela e fetelletsang litaba eo ba hlalosang Bibele ka eona. (Sheba lebokose le reng “‘Letsatsi’ le Lelelele Hakae?” leqepheng la 9.) Batho ba hlalosang Bibele le saense ka tsela ena e fetelletsang litaba, ha ba fumane likarabo tse ba khotsofatsang ha ba leka ho fumana bopaki ba seo ba se lumelang.

Ke Pono Efe e Lumellanang le Lintlha Tsohle Tse Fumanoeng?

Ha ho tluoa tabeng ea tšimoloho e rarahaneng ea limolek’hule tseo lintho tse phelang li entsoeng ka tsona, batho ba bang ba lumelang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba lumela lintho tse latelang:

1. Ka tsela e itseng ho na le likaroloana tse ka sehloohong tse ileng tsa kopana ho etsa limolek’hule tsa motheo.

2. Joale limolek’hule tseo li ile tsa hokahana ka tatellano e nepahetseng le e hlokahalang hore li etse DNA, RNA, hammoho le protheine e nang le bokhoni ba ho boloka boitsebiso bo hlokahalang ho phetha mesebetsi ea bohlokoa bophelong.

3. Ka tsela e itseng limolek’hule li ile tsa ipeha ka tatellano e hlokahalang e le hore li khone ho ikatisa. Haeba ho ikatisa hoo ho le sieo, ho iphetola ha lintho ho ke ke ha tsoela pele, esita le bophelo ka bobona.

Ho tlile joang hore limolek’hule tseo e leng tsa bohlokoa bophelong li be teng ’me li khone ho etsa mesebetsi e hlollang haeba ho se na moetsi ea bohlale? Liphuputso tsa khopolo ea ho iphetola ha lintho li hlōleha ho fana ka tlhaloso e utloahalang le likarabo tse khotsofatsang mabapi le qaleho ea bophelo. Ha e le hantle, batho ba latolang hore ho na le ’Mōpi ea entseng lintho tsohle ka morero, ba isa tlotla ea Molimo ho limolek’hule tse sa tsebeng ho nahana esita le ho matla a tlhaho.

Leha ho le joalo, lintlha tse fumanoeng li bontša’ng? Bopaki bo teng bo bontša hore ho e-na le hore limolek’hule li fetohe lintho tse phelang tse rarahaneng, ho etsahala se fapaneng: Molao oa tlhaho o laola lintho tse rarahaneng—tse kang mechine, matlo esita le lisele tse phelang—hore li senyehe ka mor’a nako e itseng.b Empa, ba lumelang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba re ho etsahala se fapaneng. Ka mohlala, buka ea Evolution for Dummies, e re ho iphetola ha lintho ho etsahala ka lebaka la hore lefatše “le fumana matla a mangata ho tsoa letsatsing, ’me matla ao ke ’ona a etsang hore lintho li rarahane.”

Ha e le hantle, ho hlokahala matla e le ho etsa hore lintho tse sa hlophisehang li hlophisehe—ka mohlala, ho bokella litene, lehong le ho kokotella lipekere ntlong. Leha ho le joalo, matla ao a lokela ho laoloa ka hloko le ka nepo hobane matla a sa laoloeng hantle a ka baka tšenyo, feela joalokaha matla a tsoang letsatsing le boemo ba leholimo li ka potlakisa ho senyeha ha mohaho.c Ba lumelang khopolo ea ho iphetola ha lintho ha ba khone ho hlalosa ka tsela e khotsofatsang hore na matla a laoloa ka tsela efe.

Ka lehlakoreng le leng, ha re talima bophelo le bokahohle e le mosebetsi oa ’Mōpi ea bohlale ea nang le ‘bonatla bo boholo’ re ka khona ho hlalosa eseng feela tsamaiso ea boitsebiso ba bophelo e rarahaneng empa le matla a lekanyelitsoeng hantle a laolang lintho, ho tloha ho sehlopha se seholohali sa linaleli ho ea ho athomo e nyenyane.d—Esaia 40:26.

Ho lumela ho ’Mōpi ho boetse ho lumellana le khopolo e tloaelehileng e amoheloang kajeno ea hore bokahohle bo bonahalang bo na le tšimoloho. Genese 1:1 e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.”

Kamehla lintho tse ncha tse sibolotsoeng li etsa hore batho ba lumelang linthong tseo ba li bonang feela ba thatafalloe ho emela filosofi ea bona, ’me seo se etsa hore batho ba bang ba latolang boteng ba Molimo, ba hlahlobe litaba bocha.e Ha e le hantle, batho ba bang ba neng ba latola boteng ba Molimo ba fihletse qeto ea hore bokahohle bo hlollang ke bopaki bo totobetseng ba ‘litšobotsi tse sa bonahaleng’ le ‘matla a ka ho sa feleng’ a Mōpi oa rōna, e leng Jehova Molimo. (Baroma 1:20) Na le uena u ka hlahloba taba ee ka ho eketsehileng? Ruri ena ke taba ea bohlokoa ’me u tla rua molemo o moholo ka ho etsa joalo!f

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le hoja Ernst Mayr, e leng setsebi sa baeloji a ne a lumela haholo khopolong ea ho iphetola ha lintho, o ile a lumela hore “tlaleho ea mesaletsa ea boholo-holo ha e tsoele pele,” kaha mefuta e mecha ea lintho tse phelang e hlaha ka tšohanyetso.

b Ho senyeha hoo ho etsoa ke seo bo-rasaense ba se bitsang molao oa bobeli oa thermodynamics. Ka bokhutšoanyane feela, molao ona o re tsela ea tlhaho e tloaelehileng ke ea hore lintho tse neng li hlophisehile li senyehe ebe ha li sa sebetsa ka mokhoa o laolehileng.

c DNA e ka fetoha ka lebaka la liphetoho tse bang teng linthong tse phelang, tse ka bakoang ke lintho tse kang mahlaseli le lik’hemik’hale tse itseng. Empa liphetoho tsena ha li etse hore ho be le mefuta e mecha ea lintho tse phelang.—Sheba sehlooho se reng “Na Khopolo ea Hore Lintho li Iphetotse ke ’Nete?” Tsoheng! ea September 2006.

d Sheba buka e reng Is There a Creator Who Cares About You? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

e Sheba sehlooho se reng “Ke Hōlisitsoe ke Lumela Hore Molimo ha eo,” Tsoheng! ea November 2010.

f E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka lipotso tse mabapi le phapang e teng pakeng tsa pōpo le ho iphetola ha lintho, ka kōpo sheba bukana ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? le ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking, tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose le leqepheng la 8]

NA BOPHELO BA BATHO BOA NTLAFALA KAPA BOA MPEFALA?

Bo-rasaense ba bang ba re ba tšoenngoa ke taba ea hore liphatsa tsa batho tsa lefutso li ea li ntse li mpefala ka lebaka la liphetoho tse bang teng linthong tse phelang le ho se phethahale. Haeba taba eo ke ’nete, e tla be e hanana le pono ea hore rea ntlafala. Empa haeba ke Molimo ea bōpileng liphatsa tsa motho tsa lefutso, ke hobane’ng ha li e-na le bofokoli? Bibele e re bolella seo saense e hlōlehang ho re bolella sona—hore ho se phethahale ha batho ho bile teng ka lebaka la sebe, kapa ho se mamele Molimo. Baroma 5:12 e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe.” Kahoo, ho mpefala ha liphatsa tsa lefutso, ho hanana le khopolo ea ho iphetola ha lintho empa ho lumellana le seo Bibele e se buang. Na joale see se bolela hore liphatsa tsa lefutso li tla tsoela-pele ho mpefala ka ho sa feleng? Che! Molimo o tšepisitse hore o tla kenella litabeng tsa moloko oa batho ’me a lokise tšenyo eohle e bakiloeng ke batsoali ba rōna ba pele. Ka sebele ’Mōpi oa rōna ke eena ea tla ntlafatsa liphatsa tsa rōna tsa lefutso, eseng ho iphetola ha lintho ho se nang kelello.—Tšenolo 21:3, 4.

[Lebokose le leqepheng la 9]

“LETSATSI” LE LELELELE HAKAE?

Ka Bibeleng, lentsoe “letsatsi” le ka bolela linako tse fapa-fapaneng. Ka mohlala, ho Genese 2:4, “matsatsi” ’ohle a tšeletseng a ho bōptjoa ha lintho ho buuoa ka ’ona e le “letsatsi leo ka lona Jehova Molimo a entseng lefatše le leholimo.” Ho hlakile hore letsatsi ka leng le ne le nka nako e itseng. Hoa thahasellisa ho hlokomela hore le hoja Bibele e buile ka ho khetheha ka qetello ea “matsatsi” a qalang a tšeletseng a ho bōptjoa ha lintho, ha e bolele letho ka qetello ea letsatsi la bosupa. Hobane’ng? Hobane letsatsi leo le ntse le tsoela pele.—Genese 2:3; Baheberu 4:4-6, 11.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Lintho lia senyeha haeba li sa hlokomeloe hantle

[Setšoantšo se maqepheng a 8, 9]

Matla a Molimo le litšobotsi tsa hae li bonahala pōpong eohle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela