Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa November 1
“Na u bona eka mangeloi a amehile ka seo re se etsang? [Emela karabo.] Bibele e bua taba ena e thabisang. [Bala Luka 15:10.] Sehloohong sena ho tšohloa seo Jesu a ileng a se bua mabapi le hore na libōpuoa tsa moea li re ama joang.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 16.
Tsoha! November
Bala 2 Timothea 3:16. Ebe u re: “Na ua lumela hore re ka tšepa sohle seo Bibele e se buang? [Emela karabo.] Sehloohong sena ho tšohloa hore na ebe histori ea lefatše le lintho tsa khale tse epolotsoeng li tšehetsa seo Bibele e se buang ka Egepeta ea boholo-holo kapa che.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 15.
Molula-Qhooa December 1
“Batho ba bangata ba lumela hore sebakeng sa moea ho na le batho ba bohlale ba susumetsang bophelo ba rōna. Uena u re’ng? [Emela karabo. Ebe u bala Tšenolo 12:7-9.] Makasineng ena ho tšohloa seo Bibele e se buang ka batho ba phelang sebakeng sa moea, hore na ba re ama joang le hore na ebe re ka buisana le bona.”
Tsoha! December
“Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha Keresemese e ketekoa ka la 25 December empa Bibele e sa bolele hore na Jesu o ile a tsoaloa neng? [Emela karabo.] Ho latela temana ena, ho ke ke ha etsahala hore ebe Jesu o tsoetsoe mariha. [Bala Luka 2:8.] Makasineng ena ho boleloa hore na mekhoa e meng ea Keresemese eo batho ba e ratang e qalile hokae.”