Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa January
“Re kōpa ho utloa maikutlo a hao. U ka re lebitso la Molimo ke mang? [Emela karabo.] Utloa hore na makasine ena e re’ng.” Ebe u fa mong’a ntlo Molula-Qhooa oa January 1, mo bontše sehlooho se leqepheng la ho qetela ʼme le buisane ka taba e sehloohoaneng sa pele, ebe bonyane u bala lengolo le le leng. Mo siele limakasine, ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tl’o tšohla potso e latelang.
Molula-Qhooa January 1
“Esale batho ba bangata ba bua ka bofelo ba lefatše. Na u nahana hore re lokela ho tšaba bofelo ba lefatše? [Emela karabo.] Temana ena e bontša hore ho na le batho ba tla pholoha. [Bala 1 Johanne 2:17.] Makasine ena e fana ka likarabo tsa Bibele mabapi le lipotso tse ling tse ʼnè tse amanang le bofelo ba lefatše.”
Tsoha! January
“Re etela malapa ho buisana le ʼona ka taba ea bohlokoa. Na u nahana hore ke habohlokoa hore malapa a sebelise mantsoe aa a Jesu? [Bala Liketso 20:35b. Ebe u emela karabo.] Ho ruta bana ho fana e ka ba bothata ba sebele lefatšeng lena leo ho bonahalang batho ba bangata ba inahanela bobona feela. Sehlooho sena se thathamisa litsela tse ling tse thusang tseo batsoali ba ka hōlisang bana ba bona ka tsona hore ba nahanele batho ba bang.”