Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa January
“Batho ba bangata ba na le maikutlo a bona ka Molimo. Ba bang ba nahana hore Molimo ke matla a mohlolo. Ba bang ba nka hore ke Ntate ea lerato ea leholimong. Uena u nahana hore Molimo o joang?” Emela karabo. Mo bontše leqephe le ka morao la Molula-Qhooa oa January 1, ebe le buisana ka lintlha tse tlas’a potso ea pele ʼme le tšohle bonyane lengolo le le leng ho a bontšitsoeng. Mo siele limakasine ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tšohle potso e latelang.
Molula-Qhooa January 1
“Re u etetse hakhutšoanyane ho buisana le uena ka ntho e re amang kaofela—e leng ho shoeloa ke motho eo re mo ratang. Mohlomong u ua lumela hore ho shoeloa ke motsoalle kapa mong ka uena ke e ’ngoe ea lintho tseo ho leng thata ka ho fetisisa ho sebetsana le tsona. [Emela karabo.] Temana ena ea Bibele e tšelisitse batho ba bangata. [Bala Esaia 25:8.] Makasine ena e bua ka tšepiso e khothatsang ea Bibele ea hore lefu le tla felisoa le hore baratuoa ba rōna ba tla tsosoa.”
Tsoha! January
“Na u ua lumela hore malapa a tobana le mathata a mangata kajeno? [Emela karabo.] Temana ena ea Bibele e re bolella hore na litho tsa malapa li lokela ho ba le litšobotsi life e le hore li hahe malapa a tsona le ho a matlafatsa. [Bala Liproverbia 24:3.] Batho ba bangata ba hlokometse hore Bibele ke mohloli o tšepahalang oa bohlale. Makasine ena e bua ka Websaete e ikhethang e thehiloeng Bibeleng, e thusang malapa ntle ho tefo.”