Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/12 leq. 4
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 3/12 leq. 4

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? April: U ka ba Motsoalle oa Molimo! le Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng? kapa bukana leha e le efe e tsamaisoang tšimong e teng setokong sa phutheho. May: Molula-Qhooa le Tsoha! June: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

◼ Sehopotso se tla tšoaroa ka Labone, la la 5 April, 2012. Haeba ka tloaelo phutheho ea habo lōna e tšoara liboka ka Labone, li lokela ho tšoaroa ka letsatsi le leng har’a beke haeba Holo ea ’Muso e fumaneha. Haeba ho sa khonehe, ’me le sitoa ho tšoara Seboka sa Tšebeletso, mohlomong lipuo tseo ka ho khetheha li amang phutheho ea habo lōna li ka kenyelletsoa Sebokeng se seng sa Tšebeletso.

◼ Libokeng Tsa Tšebeletso tse tlang, ho tla tšohloa livideo tse peli tsa Young People Ask, e leng ea How Can I Make Real Friends? le ea What Will I Do With My Life? Haeba le hloka li-DVD tsena, le lokela ho li odara phuthehong kapele kamoo le ka khonang.

◼ Re thabela ho le tsebisa hore ho nehetsoe Liholo Tsa ’Muso tse ling tse robeli ho Jehova. Botswana: Ramotswa Central. Eastern Cape: Phakamisa. Gauteng: Klipfontein, Olievenhoutbosch Central, Tembisa West le Wattville. Limpopo: Bela Bela Central. Mpumalanga: Oshoek. Qetellong ea selemo sa tšebeletso sa 2011 ho ile ha neheloa Holo ea ’Muso e re fihlisang ho tse sekete tse nehetsoeng tšimong ea rōna. Bahoeletsi ba ’Muso ba fetang 83 000 hammoho le letšoele la batho ba thahasellang ba thabela ho sebelisa Liholo Tsa ’Muso. Re leboha Jehova haholo le baithaopi ba ’nileng ba thusa ka lilemo tse ngata lenaneong lena le leholo la kaho. Kaha ho sa ntse ho hlokahala Liholo Tsa ’Muso tse ngata, re khothalletsa baithaopi bohle hore ba tsoele pele karolong ena e molemo ea tšebeletso e halalelang. Hape re ananela haholo menehelo eo re e fumanang khoeli le khoeli e tsoang liphuthehong e tšehetsang Letlōle la Liholo Tsa ’Muso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela