Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 2 April
BEKE E QALANG KA LA 2 APRIL
Pina ea 8 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
bt khao. 18 ¶19-24 (25 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Jeremia 17-21 (10 mets.)
No. 1: Jeremia 21:1-10 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Tsela eo Satane a Busang ka Eona e Pakile Eng? (5 mets.)
No. 3: Ke Eng e ka Thusang ho Ntlafatsa Lenyalo?—rs leq. 236 ¶1-4 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Litsebiso. Suthela pontšo ea kamoo motho a ka qalang thuto kateng Moqebelong oa pele oa April a sebelisa mohlala o hlahang leqepheng lena.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
10 mets: Lintlha Tse ka re Thusang ho Tsamaisa Limakasine ka April. Puisano. Nka motsotso kapa e ’meli u bua ka lihlooho tse seng kae tse ka khahlang batho tšimong ea lōna. Ka mor’a moo, kōpa bamameli hore ba bolele lipotso tse thahasellisang tseo ba ka li botsang ha ba buella letoto la lihlooho tse qalang tsa Molula-Qhooa, ba be ba bolele hore na ba ka bala lengolo lefe. Etsa se tšoanang ka letoto la lihlooho tse qalang tsa Tsoha! ’me ha nako e lumela, u etse se tšoanang ka sehlooho se seng se hlahang ho e ’ngoe ea limakasine tseo. Suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng.
Pina ea 99 le Thapelo