Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 2/15 leq. 31
  • Bohlokoa ba Lebitso la Molimo—Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohlokoa ba Lebitso la Molimo—Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • “Molimo” le “Ntate” ha li Khetholle
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 2/15 leq. 31

Bohlokoa ba Lebitso la Molimo—Jehova

BAFETOLELI ba bangata ba Bibele ba buella ho latela neano ea ho felisa lebitso le khethollang Molimo. Ha ba bolele feela hore ho se kholisehe ka hore na le bitsoa joang ho lokafatsa tsela e joalo empa ba boetse ba lumela hore bophahamo le ho ikhetha ha Molimo oa ’nete ho etsa hore ho ba ha oona le lebitso le khethehileng e be ho sa hlokahaleng. Pono e joalo ha e tšehetsoe ke Mangolo a bululetsoeng, a mehleng ea pele ho Bokreste kapa ’ona Mangolo a Bokreste a Segerike.

Lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a 6 828 tabeng e ngotsoeng ka Seheberu e hatisitsoeng ho Biblia Hebraica le Biblia Hebraica Stuttgartensia. Bona bongata ba makhetlo ao lebitso leo le hlahang ka ’ona bo paka bohlokoa ba lona ho Mongoli oa Bibele, eo e leng lebitso la hae. Tšebeliso ea lona ka har’a Mangolo e feta hōle tšebeliso ea tlotla leha e le efe, e kang “Morena oa Bokahohleng” kapa “Molimo,” e lebisoang ho eena.

“Molimo” le “Ntate” ha li Khetholle

Tlotla “Molimo” hase lebitso la botho e bile ha e khetholle (motho a ka etsa hore esita le mpa ea hae e be molimo; Ba-Filippi 3:19). Ka Mangolong a Seheberu lentsoe le tšoanang (’Elo·himʹ) le sebelisoa ho Jehova, Molimo oa ’nete, ’me le boetse le sebelisoa ho melimo ea bohata, e kang molimo oa Bafilista Dagone (Baahloli 16:23, 24; 1 Samuele 5:7) le molimo oa Baasyria Nisroke. (2 Marena 19:37) Hore Moheberu a bolelle Mofilista kapa Moassyria hore o ne a rapela “Molimo [’Elo·himʹ]” ka ho hlakileng e ne e ke ke ea e-ba ho lekaneng bakeng sa ho khetholla Motho eo borapeli ba hae bo lebang ho eena.

Lihloohong tsa eona tse buang ka Jehova, The Imperial Bible-Dictionary e bontša hantle phapang pakeng tsa ’Elo·himʹ (Molimo) le Jehova. Ha e bua ka lebitso Jehova, e re: “Kae kapa kae ke lebitso le loketseng, le bontšang Molimo oo e leng motho ea arohileng ’me e le oona feela; ha Elohim e e-na le karolo e kholoanyane ea tšobotsi ea lereho le tloaelehileng, leo hangata le bontšang ea Phahameng, ka sebele, le hoja e se tlamo kapa hona hore ho ba joalo ka mehla. . . . Moheberu a ka ’na a re the Elohim, Molimo oa ’nete, ho fapana le melimo eohle ea bohata; empa le ka mohla a ke ke a re the Jehovah, hobane Jehova ke lebitso la Molimo o le mong feela oa ’nete. Khafetsa o re Molimo oa ka . . . ; empa le ka mohla ha a re Jehova oa ka, hobane ha a re Molimo oa ka, o bolela Jehova. O bua ka Molimo oa Iseraele, empa le ka mohla ha a bue ka Jehova oa Iseraele, hobane ha ho na Jehova e mong. O bua ka Molimo o phelang, empa le ka mohla ha a bue ka Jehova ea phelang, hobane a ke ke a nahana ka Jehova e le eng kapa eng haese ea phelang.”—E hlophisitsoe ke P. Fairbairn, London, 1874, Moqolo I, leqephe 856.

Hoa tšoana le ka lentsoe la Segerike le emelang Molimo, The·osʹ. Le ne le sebelisoa ka ho tšoanang ho Molimo oa ’nete le melimo ea bohata e kang Seuse le Hermese (Jupiter le Mercury ea Baroma). (Bapisa le Liketso 14:11-15, TLP.) Mantsoe a Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 8:4-6 (NW) a hlahisa boemo ba ’nete: “Hobane esita le hoja ho e-na le ba bitsoang ‘melimo,’ e-bang ke leholimong kapa lefatšeng, feela joalokaha ho e-na le ‘melimo’ e mengata le ‘marena’ a mangata, ha e le hantle ho rōna ho na le Molimo o le mong Ntate, eo lintho tsohle li tsoang ho eena, le rōna re leng ba hae.” Tumelo ho melimo e mengata, e etsang hore ho khetholla Molimo oa ’nete ho melimo e joalo e be ho hlokahalang, e ’nile ea tsoela pele esita le ho kena lekholong lena la bo20 la lilemo.

Ho bua ha Pauluse ka “Molimo Ntate” ha ho bolele hore lebitso la Molimo oa ’nete ke “Ntate,” hobane tlotla “ntate” e sebetsa ka ho tšoanang ho motho e mong le e mong e motona eo e leng motsoali ’me e hlalosa banna likamanong tse ling. (Ba-Roma 4:11, 16; 1 Ba-Korinthe 4:15, NW) Messia o fuoa tlotla “Ntate ea sa Feleng.” (Esaia 9:6, NW) Jesu o bitsitse Satane “ntat’a” bahanyetsi ba bang bao e neng e le babolai. (Johanne 8:44) Lentsoe leo le ne le boetse le sebelisoa ho melimo ea lichaba, molimo oa Bagerike Seuse o hlahisoa e le molimo o moholo oa ntate lithothokisong tsa Homer. Hore “Molimo Ntate” o na le lebitso, le khethollehileng ho lebitso la Mora oa oona, ho bontšoa litemaneng tse ngata. (Mattheu 28:19; Tšenolo 3:12; 14:1) Pauluse o ne a tseba lebitso la botho la Molimo, Jehova, joalokaha le fumanoa tlalehong ea pōpo e ho Genese, eo Pauluse a ileng a qotsa litaba tseo a li ngotseng ho eona. Lebitso leo, Jehova, le khetholla “Molimo Ntate” (bapisa le Esaia 64:8), ka hona le thibela boiteko leha e le bofe ba ho kopanya taba ea hore na ke mang le botho ba hae le ba motho ofe kapa ofe e mong eo tlotla “molimo” kapa “ntate” e ka ’nang ea sebelisoa ho eena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela