Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 6/1 maq. 12-13
  • Ho Bolla—Na ke Pontšo ea Hore Motho ke Monna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bolla—Na ke Pontšo ea Hore Motho ke Monna?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pono ea Molimo ka Lebollo
  • Ho Thoe’ng ka ho ea Mophatong?
  • Ke Eng e Etsang Hore Mokreste e be Monna?
  • Na Khopolo ea Hao ea Botho ke ea Bohlokoa ho Feta Tsohle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • “Ba Ngangisana”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Bakreste ba Pele le Molao oa Moshe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 6/1 maq. 12-13

Ho Bolla—Na ke Pontšo ea Hore Motho ke Monna?

LIKAROLONG tse ngata tsa lefatše, bana ba bashanyana ba bolotsoa ka mabaka a bophelo bo botle. Likarolong tse ling tsa lefatše teng, ho tloaelehile hore batho ba batona ba lule ba sa bolla bophelo bohle ba bona. Ho batho ba bang, ba kang Bajuda le Mamosleme, lebollo hase ntho e etsoang ka lebaka la bophelo bo botle feela; ke taba ea bohlokoa bolumeling.

Leha ho le joalo, lichabeng tse ling, moetlo oa ho bolla o etsoa ha moshanyana a fihla lilemong tsa ho ba monna. Ka tloaelo sena se akarelletsa ho isa moshanyana mophatong, ha a le moo oa bolotsoa ’me ha a kopane le batho ba bang ka kakaretso ka libeke tse ngata ho fihlela a fola. Nakong ena, moshemane enoa o latela meetlo e itseng ’me o rutoa ho ba monna. Na lebollo la mofuta oo lea hlokahala ho paka hore moshanyana o se a fihlile lilemong tsa ho ba monna? A re hlahlobeng seo Bibele e se buang ka pono ea Molimo tabeng ena.—Liproverbia 3:5, 6.

Pono ea Molimo ka Lebollo

Batho ba bang ba boholo-holo, joaloka Baegepeta, ba ne ba bolla, ke hore, ba ne ba poma ntlha ea letlalo la setho sa botona. Leha ho le joalo, Abrahama, o ne a sa tsoalloa moetlong o joalo. Ha e le hantle, boholo ba bophelo ba hae, o ne a sa bolla. Ho feta moo, leha a ne a ntse a sa bolla, Abrahama o ile a bontša hore ke monna ea sebete. A e-na le sehlopha sa banna ba seng bakae, o ile a lelekisa a ba a hlōla mabotho a marena a mane a neng a hapile Lota, mora oa mor’abo. (Genese 14:8-16) Lilemo tse ka bang 14 hamorao, Molimo o ile a laela Abrahama hore a bolotsoe le hore a bolotse le bohle ba ntlo ea hae. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a fana ka taelo e joalo?

Ka sebele seo e ne e se pontšo ea hore Abrahama o ne a se a tloha boshanyaneng a e-ea bonneng. U hopole hore, o ne a le lilemo li 99! (Genese 17:1, 26, 27) Molimo o ile a fana ka lebaka la taelo ena, a re: “Le bolotsoe nama ea ntlha ea letlalo la litho tsa lōna tsa botona, ’me e tla ba pontšo ea selekane pakeng tsa ka le lōna.” (Genese 17:11) Selekane seo sa Abrahama se ne se akarelletsa tšepiso ea Molimo ea hore ka Abrahama, “malapa ’ohle a lefatše” a ne a tla qetella a hlohonolofalitsoe haholo. (Genese 12:2, 3) Kahoo, mahlong a Molimo, ho hang ho ne ho se moo lebollo le kopanang teng le taba ea ho ba monna. Motho o ne a bolotsoa ho bontša hore e ne e le oa lesika la Abrahama la Baiseraele, leo ‘liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo li neng li behiloe tlhokomelong ea lona.’—Baroma 3:1, 2.

Hamorao, sechaba sa Iseraele se ile sa bontša hore ha se tšoanelehele letlotlo lena ka ho hana Peō ea ’nete ea Abrahama, e leng Jesu Kreste. Kahoo, Molimo o ile a se lahla, ’me ho bolla ha sona ha hoa ka ha hlola ho e-ba le morero leha e le ofe mahlong a Molimo. Leha ho le joalo, Bakreste ba bang ba lekholo la pele la lilemo C.E. ba ile ba tsitlella hore Molimo o ne a batla hore batho ba bolle. (Liketso 11:2, 3; 15:5) Ka lebaka la sena, moapostola Pauluse o ile a romela Tite liphuthehong tse sa tšoaneng hore a e’o “lokisa lintho tse neng li e-na le moo li haelloang.” Pauluse o ile a ngolla Tite ka bothata bo bong: “Ho na le banna ba bangata ba sa laoleheng, babua-bui ba se nang molemo, le bathetsi ba kelello, haholo-holo banna ba khomarelang lebollo. Hoa hlokahala ho koala melomo ea bana, kaha banna bana ba tsoela pele ba senya malapa a feletseng ka ho ruta lintho tseo ba sa tšoanelang ho li ruta ka lebaka la leruo la ho se tšepahale.”—Tite 1:5, 10, 11.

Keletso ea Pauluse e ntse e sebetsa. Ka sebele ho tla be ho le khahlanong le Mangolo hore Mokreste oa ’nete a khothalletse motho e mong hore a bolotse ngoana oa hae. Ho e-na le ho ‘itšunya-tšunya litabeng tsa batho ba bang,’ Mokreste o tlohella batsoali hore ba iketsetse qeto tabeng ena. (1 Petrose 4:15) Ho feta moo, Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole ka lebollo ho ea ka Molao oa Moshe: “Na monna leha e le ofe o ile a bitsoa a bolotse? A se ke a fetoha ea sa bollang. Na monna leha e le ofe o bitsitsoe a le ho se bolleng? A se ke a bolla. Lebollo ha le bolele letho, le ho se bolle ha ho bolele letho, empa ho boloka litaelo tsa Molimo ho bolela ho itseng. Boemong bofe kapa bofe boo e mong le e mong a ileng a bitsoa a le ho bona, a ke a lule ho bona.”—1 Bakorinthe 7:18-20.

Ho Thoe’ng ka ho ea Mophatong?

Ho thoe’ng haeba batsoali ba Bakreste ba ka etsa qeto ea hore ba batla hore bana ba bona ba bashanyana ba bolotsoe? Na ho tla be ho le tumellanong le Bibele hore ba ise bara ba bona mophatong? Ho ea lebollong ha ho akarelletse feela ho pongoa ntlha ea letlalo la setho sa botona. Ka libeke tse ngata, motho ea mophatong o tla be a phela haufi le bashemane le mesuoe eo e seng barapeli ba Jehova. Lintho tse ngata tse rutoang libakeng tsena li khahlanong le melao e phahameng ea Bibele ea boitšoaro. Bibele ea lemosa: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.”—1 Bakorinthe 15:33.

Ho ea libakeng tsena ho ka boela ha ntša motho kotsi ’meleng. Ka 2003 South African Medical Journal e ile ea fana ka temoso ena: “Le selemong sena ho hlokometsoe liphello tse tšosang tsa lebollo, mecha eohle e ka sehloohong ea litaba e tlalehetse lefatše ka ho shoa ha batho le ka liketso tsa ho ba poma litho. . . . Ka bokhutšoanyane, hangata mephatong ea kajeno ha ho sa etsoa tsona, ebile ho kotsi.”

Ho phaella kotsing e ka ’nang ea e-ba teng bophelong ba mocha enoa, a ka boetse a ba kotsing e khōlō moeeng. Lithuto le mekhoa e etsoang libakeng tsena e amana haufi haholo le tšebelisano le meea le borapeli ba balimo. Ka mohlala, batho ba bangata ba lumela hore ba loiloe kapa balimo ba halefileng ke bona ba ba baketseng bomalimabe, ho e-na le ho lumela hore mesuoe e bohlasoa le mephato e sa hloekang ke tsona tse bakileng mathata. Tabeng ea ho sebelisana le bolumeli ba bohata, Bibele ea laela: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang. Etsoe ho loka le tlōlo ea molao li na le setsoalle sefe? Kapa leseli le na le karolo efe le lefifi? . . . ‘Ka hona tsoang har’a bona, ’me le ikarole,’ ho bolela Jehova, ‘le khaotse ho ama ntho e sa hloekang’; ‘’me ke tla le amohela.’” (2 Bakorinthe 6:14-17) Ka lebaka la keletso ena, ho ke ke ha e-ba bohlale hore batsoali ba Bakreste ba ise bana ba bona ba bashanyana mophatong.

Ke Eng e Etsang Hore Mokreste e be Monna?

Ebang monna oa Mokreste o bolotse kapa che seo hase sona se bontšang hore na ke monna oa sebele kapa che. Bakreste ba ’nete ba amehile ka ho khahlisa Molimo, eseng “ho etsa ponahalo e khahlehang nameng.”—Bagalata 6:12.

Leha ho le joalo, e le hore Mokreste a khahlise Molimo, o lokela ho “bolotsa pelo.” (Deuteronoma 10:16; 30:6; Matheu 5:8) Sena ha se etsoe ka ho poma ka thipa, empa se etsoa ka ho hana litakatso tse fosahetseng le likhopolo tsa boithati, tse kang tumelo ea hore ho bolla nameng ho etsa hore motho e be ea phahametseng batho ba bang. Haeba Mokreste a mamella liteko a bile a “tiile tumelong,” a ka bontša hore ke monna oa sebele ebang o bolotse kapa che.—1 Bakorinthe 16:13; Jakobo 1:12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela